Go to full page →

Lipontšo Tsa Tsokoloho Ea ‘Nete EN 190

Empa hore batho ba tle ba boloke Sabatha se halalela le bona ba tsoanetse ho halalela. Ka tumelo ba tsoanetse ba be le seabo ho lokeng ha Kreste. Ha molao o ne o fuoa Iseraele o reng, “Hlokomela letsatsi la Sabatha, u le halaletse” (Phallo 20:8), Morena O ne A re ho bona “Le tla ba batho ba halalelang ho ‘na.” Phallo 22:31. EN 190.3

Eare ha Bajuda ba koenehela Molimo ‘me ba hloloa ho nka ho lōka ha Kreste e le ha bona ka tumelo, Sabatha sa lahleheloa ke moelelo ho bona. Satane a sebetsa ho senya Sabatha, hobane ke letšoao la matla a Kreste. Baetapele ba Bajuda ba ne ba bokelletse letsatsi la phomolo la Molimo ka melaoana e boima. Mehleng ea Kreste ho boloka Sabatha e ne e le pontšo ea semelo sa batho ba tletseng bo-’na ho fapana le semelo sa Ntate ea leholimong, ea lerato. Borabbi ba ne ba bontšitse Molimo e le ea fanang ka melao eo batho ba sitoang ho e boloka. Ba Mo hlahisa ho batho e le Molimo oa motlatlapi ‘me ba nahane hore Sabatha e etsa batho ba thatafetseng lipelo, ba khopo. Ea e-ba mosebetsi oa Kreste ho tla hloekisa mehopolo ea batho tabeng ena. Jesu ha A k’a lumela ho tsamaea ka melaoana ea bo-rabbi, empa A tsoela pele ho boloka Sabatha ho ea ka molao oa Molimo. EN 190.4