Go to full page →

Ka Boomo Jesu O Folisa Ka Sabatha EN 192

Mahlabelo ka bo oona a ne a se na thuso. E ne e le mokhoa eseng ntho ka boeona. Moelelo oa oona e ne e le ho supisa batho ho Mopholosi, ho ba tlisa tumellanong le Molimo. Ke tšebeletso ea lerato eo Molimo O e ratang. Ha lerato le le sieo tšebeletso feela tjena ke khopiso ho Eena. Ho joalo le ka Sabatha. Ha kelello e hapuoe ke litšebeletso tse boima sepheo sa Sabatha sea lahleha. Litšebeletso tsa bolumeli tse bontšang bokantle feela e-ba sesomo. EN 192.4

Ka Sabatha e ‘ngoe, ka Ntlong ea thapelo Jesu A bona monna e mong ea omeletseng letsoho. Bafarisi ba talima ka thahasello ho bona hore na Jesu O tla etsang. Mopholosi ha A k’a qea-qea ho heletsa lerako la litšebeletso tsa moetlo tse sitisang sepheo sa Sabatha. EN 192.5

Jesu A bolella monna ea holofetseng ho ema ‘me A botsa A re: “Na ho a lumelleha ho etsa botle kapa bobe ka Sabatha; ho pholosa motho kapa ho ‘molaea?” Mareka 3:4. E ne e le molao ho Bajuda hore ho hloloa ho etsa hantle feela monyetla o le teng ke bokhopo; ho tlohela ho pholosa bophelo e ne e le ho bolaea. Jesu A kopana le bo-rabbi sebakeng sa bona. “Empa ba khutsa. A ba ea ka mahlo a halefile, a utloisitsoe bohlōkō ke bothata ba lipelo tsa bona, a re ho motho eo: ‘Otlolla letsoho!’ A le otlolla,’me letsoho la hae la fola.” EN 193.1

Ha Bafarisi ba ‘motsa ba re: “Na ho a lumelleha ho folisa batho ka Sabatha?” A re ho bona: “Ekaba ke mang ho lōna, ea nang le nku e le ‘ngoe, eo ekareng ha e oetse ka lenkoaneng ka Sabatha a ke keng a e tšoara, a e nyolla? Ha ho le joalo, motho o feta nku hakaakang ka bohlokoa! Ka baka leo, ho a lumelleha ho etsa ho molemo ka Sabatha.” Matheu 12:10-12. EN 193.2