Go to full page →

Moleko O Tšabehang EN 461

Kreste joale O ne A eme boemong bo fapaneng le boo A kileng A ema ho bona pele. A eme sebakeng sa motho, Kreste O ne A hlora tlas’a kahlōlo ea leholimo. Ho fihlela mona, E ne e le ‘muelli oa ba bang, empa ha joale O ne A lakatsa ho fumana ea ka Mo buellang. EN 461.2

Ha Kreste A utloa hore bonngoe ba Hae le Ntate bo robehile, A tšaba hore bolenng ba Hae ba botho, A ka sitoa ho mamella ntoa. Moleki o ne a tlile ntoeng ea ho qetela a tšosang; ha a ka hlōloa mona, ‘muso oa lefatše o ka qetella e le oa Kreste, ‘me eena ka boeena a be a ketotsoe. Empa ha Kreste A ka hlōloa, lefatše e ka ba ‘muso oa Satane, ‘me lelōko la botho le ka ba matleng a hae ka ho sa feleng. EN 461.3

Satane a bolella Kreste hore ha A ka fetoha tefelo ea lefatše la sebe, O tla tšoaeloa ‘muso oa Satane, ebe ha A hlōle A ba ntho e le ‘ngoe le Molimo. ‘Me joale sehlabelo sa Hae se tla be se entse molemo ofe? Satane a hatella taba holim’a Mopholosi: Batho ba ipolelang ba le kaholim’a bohle tabeng tsa moea ba ntse ba batla ho U timetsa. E mong oa barutuoa ba Hau o tla U eka. E mong oa balateli ba Hau ba sehlahlo o tla U latola. Kaofela ba tla U lahla. Taba ea hore bao A ba ratang hakaalo ba ikopanye le maraba a Satane, ea hlaba moea oa Kreste. Teko ena e ne e tšabeha. Libe tsa batho li ne li hatile Kreste haboima, ‘me khopolo ea khalefo ea Molimo khahlanong le sebe, ea thuhakanya bophelo ba Hae. EN 461.4

Mahlomoleng a Hae A imamarela ka lefatše le batang, e ka hoja O ithibela hore A se huleloe hole le Molimo. Molomong oa Hae o sehlefetseng ha tsoa sello se bohlōkō, “Ntate, haeba ho ka etsahala, senoelo sena a se ke se mphete, empa ho be kamoo ho ratang uena kateng, e seng ’na.” EN 462.1