Go to full page →

Jesu O Ne A Hlompha Batho Bohle Ka Ho Tšoana EN 53

Kreste A fumana bolumeli bo lika-likelitsoe ka marako a malelele a khethollo, e le ntho e halalelang hoo e sa keneng linthong tsa bophelo ba tsatsi le leng le le leng. Sebakeng sa hore Jesu A ikhetholle, A ikoalle A le mong phapusing ea Hae, ho bontša semelo sa Hae sa leholimo; ho fapana le hono A sebetsa le batho ka botšepehi. A ba ruta hore bolumeli ha se ntho ea linako tse itseng le libaka tse itseng. Hona e bile khalemelo ho Bafarisi. Ha bonahala hore boikitlaetso ba bona bo kulang ba thahasello ho batho bo ne bo le hole le bonnete ba bo-Molimo. Hona ho ile ha tsosa lehloeo la bona, kahoo ba leka ho tlamella melao ea bona hore e phethoe. EN 53.4

Jesu O ne A ena le chelete e nyenyane hore A ka e fana, empa kamehla O ne A tela lijo tsa Hae e le hore A imolle ba bohloking ho Mo feta. Ha bana babo ba buoa ka khalefo le ba futsanehileng, ba nyelisoang, Jesu O ne A buoa le bona mantsoe a khothatso. Ho ba hlokang, O ne A fana ka mohope oa metsi a pholileng, ‘me A ntse A itholetse, e be O beha lijo tsa Hae liatleng tsa bona. EN 53.5

Tsena tsohle tsa khentša bana babo. Kaha ba ne ba le baholo ho Eena ba ikutloa ba tšoanela hore ba Mo laele. Ba Mo qosa ka hore O inahana A phahame ho ba feta, ‘me O ipeha ka holimo ho baruti, baprista le babusi. Hangata ba ne ba leka ho Mo kenya matsoalo, empa A tsoela pele ho itšehetsa ka Mangolo a Halalelang. EN 54.1