Go to full page →

Kaifa A Batla A Kholiseha EN 472

Mohopolo ea hore bohle ba tla ema pel’a Molimo, ho fumana moputso ho latela mesebetsi ea bona, ea eba mohopolo o tšosang Kaiafa. Ka kelellong ea hae, ha feta litšoantšo tsa pono ea kahlōlo ea ho qetela. Ka nakoana a bona mabitla a ntša bafu ba ho ‘ona, ‘moho le makunutu ao a neng a tšepile hore a patetsoe ruri. A ikutloa eka hoja Moahloli ea kantle o ntse a bala maikutlo a hae, ‘me A tlisa pepeneng liphiri tseo a neng a lumela hore li patiloe le bafu. EN 472.2

Kaiafa o ne a latotse tsoho, kahlōlo le bophelo bo tlang. Joale, a hlantšoa ke khalefo ea Satane. A hahōla kobo ea hae, a batla hore motšoaruoa a ahlōleloe nyefolo. A re, “O nyefotse, re sa hlokela’ng lipaki? Joale le ikutloetse nyefolo. Le re’ng?” ‘Me kaofela ba Mo tsoa. EN 472.3

Kaiafa a ikhalefela haholo ka ho lumela mantsoe a Kreste, eare bakeng sa ho hahōla pelo ea hae, ‘me a pake hore Jesu ke Mesia, a hahōla likobo tsa hae tsa boprista, a tletse bohanyetsi. Ketso ena ea ba le bohlokoa bo khethehileng. Ka ketso ea ho tiisa tsuo ea Kreste, moprista e moholo o ne a itsoile ka boeena. Ka molao oa Molimo o ne a itlhakotse bopristeng. O ne a iphile kahlōlo ea lefu. EN 472.4

Moprista e moholo o ne a sa lokela ho hahōla liaparo tsa hae. Ka molao oa Boprista, moprista o ne a sa lōkela ho hahōla kobo ea hae tlas’a maemo a fe kapa a fe. Molao o hlakileng o ne o fanoe ke Kreste ho Moshe malebana le taba ena. Sheba Meetlo 10:6. Motho ea nama a ka hahōla pelo ea hae ka ho bontša moea o robehileng, o ikokobelitseng. Empa ho se hahōloe likobo tsa boprista, hobane hona ho ka silafatsa boemeli ba lintho tsa leholimo. Moprista ea phahameng ea neng a ka kena litšebeletsong tsa sehalelo ka kobo e hahōtsoeng, o ne a shejoa e le ea ikhaotseng ho Molimo. Ketso ena e entsoeng ke Kaiafa, ea bontša khalefo ea botho, ho se phethahale ha botho. EN 473.1

Ka ho hahōla liaparo tsa hae, Kaiafa a bontša molao oa Molimo o hloka matla, a latela meetlo ea batho. Molao o iketselitsoeng ke batho, o lumella hore tabeng ea nyefolo moprista a ka hahōla liaparo tsa hae ‘me a hloka molato, e le ha a tšositsoe ke sebe. Empa ka ketso ena, eena ka boeena o ne a etsa nyefolo. EN 473.2

Ha Kaiafa a hahōla seaparo sa hae, ketso eo ea hae e ne e bontša boemo boo sechaba sa Bajuda se tlang ho bo nka pel’a Molimo kamorao ho moo. Batho ba Bajuda ba neba Mo latotse eo e neng e le sebele sa lilelekela tsohle tsa bona, sebele sa liriti tsohle tsa bona. Iseraele o ne a hlalile Molimo. Ha ho makatse ha moprista e moholo a hahōla likobo tsa hae ke letsoalo bakeng sa hae le sechaba. EN 473.3