Go to full page →

KHAOLO EA 79—KAMOO LEFU LA KRESTE LE HLOTSENG SATANE EN 507

Kreste O ne A phethile mosebetsi oo A neng A tletse ho tla o etsa, ‘me ka phefumoloho ea ho qetela A re, “Ho phethahetse!” Johanne 19:30. Ntoa e ne e hlōtsoe. Leholimo kaofela le ne le thabetse tlholo ea Mopholosi. Satane a tseba hore ‘muso oa hae o lahlehile. Mosebetsi o moholo oa topollo, o phethiloe ka lebaka la mangeloi, la mafatše a sa oelang sebeng, hammoho le la rōna. Ho fihlela Kreste A shoa, Satane o na a ikhakantse ka thetso, hoo le libōpuoa tse halalelang li neng li e-s’o utloisise melao ea hae, kapa hona ho bona sebōpeho sa hae hantle. EN 507.1

Lucifere (Mphatlalatsane) e ne e le lengeloi la mosireletsi, sebōpuoa se kaholimo ho tsohle. E ne e ile ea e-ba ea ka pele eena oa ho senolela lefatše merero ea Molimo. Kamor’a hoba a etse sebe, matla a hae a ho thetsa a eketseha, ‘me ha e-ba thata ho lemoha sebopeho sa hae, ka baka la litulo tse phahameng tseo Ntate A neng A ‘meile ho tsona. EN 507.2

Molimo A ka be A ile A timetsa Satane hammoho le ba mo utloelang bohlōkō, empa ha A ke A etsa joalo. Qobello le matla a hatellang li fumanoa feela ‘musong oa Satane. Matla a Morena a lutse holim’a tōka, mohau le lerato, ‘me mekhoa ena ke eona e lokelang ho sebelisoa. ‘Muso oa Molimo ke oa boitšoaro bo botle ‘me ‘nete le lerato ke tsona tse lokelang ho busa. EN 507.3

Makhotleng a leholimo ha etsoa qeto ea hore, Satane a fuoe nako ea ho phethahatsa tsamaiso ea ‘muso oa hae. O ne a boletse hore tsamaiso ea hae e phahametse ea Molimo. Ha fanoa ka nako hore tsamaiso ea Satane e sebetse, e le hore baahi ba leholimo ba e bone. Ka lilemo tse 4,000, Kreste O ne A sebeletsa ho phahamisa motho, ‘me Satane eena a sebeletsa ho mo senya. ‘Me baahi ba leholimo ba li bona tsohle. EN 507.4

Ho tloha nakong ea ha Jesu A tsoaloa e le lesea Betlelehema, Satane haesale a sebeletsa ho Mo timetsa. A leka ho Mo sitisa ho holeng ha Hae e se be ngoana ea phethahetseng, a leka ho Mo hlolisa ho ba monna oa hlokang letheba, hape a leka ho mo sitisa ho ba moruti ea halalelang, a leka ho thibela hore A be sehlabelo se hlokang sekoli. Empa o ile a hloloa. A sitoa ho khannela Jesu sebeng. Maleke ‘ohle a Satane a ho Mo hlōla, a ile a mpa a hlahisa leseli le khanyang la semelo sa Hae se se nang letheba. EN 508.1

Ka thahasello e kholo, leholimo le mafatše a sa oelang sebeng, ba latella lipono tsa ho qetela tsa toantšano eo. Ba utloa sello sa Hae se bohlōkō, se reng: “Ntate, haeba ho ka etsahala, senoelo sena a se ke se mphete.” Matheu 26:39. Ba ‘mona A hlomohile ka masoabi a fetang a toantšano ea ho qetela le lefu. Likhororo tsa mali tsa tsoa ‘meleng oa Hae, ‘me thapelo ea ho lopolloa ea tsoa molomong oa Hae hararo. Leholimo la sitoa ho mamella pono eo ho feta moo, ‘me morōmuoa ea tšelisang a rōmcloa ho Mora oa Molimo. EN 508.2