Go to full page →

Satane A Rera Ho H151a EN 71

Ho tloha nakong eo molaoli oa leholimo E neng E le lesea Betlelehema, O ile A ‘na A hlorisoa ke e mobe. Makhotleng a Satane ho ile ha reroa hore a hlōloe. EN 71.3

Matla a bobe a ne a mo latelletse tseleng ea hae ho Mo loantsa le hore ha ho ka etsahala, a hlōloe. Ha Mopholosi A kolobetsoa, Satane o ile a utloa lentsoe la Jehova ha A paka ka bo-Molimo ba Jesu. “Ka ho roma Mora oa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tšoanang le ba baetsalibe,” (Baroma 8:3) Ntate ka boeena A bua. O ne A ile A bua pele le batho ka Kreste; Joale O ne A tla buisana le batho A le ho Kreste. Joale ha totobala hore likamano lipakeng tsa Molimo le motho li khutletse malulong. EN 71.4

Satane a bona hore ke feela hore a hlōle kapa a hlōloe. Matla ‘ohle a bokoenehi a ne a hlometse khahlanong le Kreste. EN 71.5

Ba bangata ha ba bone ntoa ena e lipakeng tsa Kreste le Satane e ama maphelo a bona ka letho. Empa ntoa ena e ntse e ipheta ka hare ho pelo e ‘ngoe le e ‘ngoe ea motho. Likhohelo tseo Jesu A ileng A li hlōla ke tseo re fumanang ho le thata ho li hlōla. Kreste leha A ne A jere boima ba libe tsa lefatše, O ile A hlōla teko ea meharo. Ho rata lefatše le ho rata ho ipeha ka pele, ho etsa hore motho a be le ho sotha tumelo. Ena ke meleko e ileng ea hlōla Adama le Eva, eo le rōna e re hlōlang ha bobebe. EN 71.6

Satane o ne a ile a supa sebe sa Adama e le bopaki ba hore molao oa Molimo o ke ke oa bolokoa. Kreste O ne A tšoanela ho lefelletsa tšito ea Adama, A nkile sebōpeho sa rona sa botho. Empa ha Adama a ne a lekoa, bofokoli bo tlisoang ke sebe bo ne bo le sieo ho eena. O ne a eme a le matla a phethehileng a senna, a e-na le mafolo-folo a tletseng ‘meleng le kelellong. O ne a potiloe ke khanya ea Edene ‘me a buisana le libopuoa tsa leholimo ka letsatsi le letsatsi. EN 72.1

Ho ne ho se joalo ho Jesu ha A kena lefeelleng, ho thulana le Satane. Ka lilemo tse likete tse ‘ne batho ba ne ba ntse ba e-ea ba fokolloa ke matla a ‘mele, a kelello le a boitšoaro, ‘me Kreste A inkela bofokoli ba botho bo theohileng matleng a bona. Ke ka tsela ena qha! A neng A ka tseba ho pholosa motho botebong boo bo tlase-tlase. EN 72.2