Go to full page →

Bopaki Ba Hore Le R5na Re Tla Tsoha EN 523

Ha lentsoe la lengeloi le matla le utloahala lebitleng la Kreste, le re, Ntat’ao oa U bitsa, Mopholosi O ile a tsoa ka lebitleng, ka bophelo bo neng bo le ka hare ho Eena. Kreste O ne A ile a phatlalatsa ka tlholo A re, “Ke ‘na tsoho le bophelo.” Mantsoe ana a ne a ka buuoa ke Eo e leng Molimo. Tse hloliloeng tsohle, li itšetlehile ka bophelo boo li bo fumanang ho Molimo. Eena feela eo E neng e le ntho e le ‘ngoe le Molimo O ne A ka re, “Ke na le tokelo ea ho bo tela, ke na le tokelo ea ho bo fumana hape.” Sheba Johanne 10:18. EN 523.3

Jesu O tsohile bafung e le selelekela ho bohle ba robetseng, ‘me tsoho ea Hae e ile ea etsahala ka lona letsatsi leo kotulo ea pele e neng e hlahisoa ka pel’a Morena. Ka lilemo tse fetang sekete, ha batho ba ne ba e-ea Jerusalema Pasekeng, litholoana tse neng li butsoa pele, li ne li hlahisoa ka pel’a Morena, e le linyehelo tsa teboho. Lijalo li ne li sa kotuloe pele nyehelo tsena li fanoe. Mangata a neng a tšoaetsoe Molimo a ne a emetse kotulo. Ka mokhoa o joalo tsoho ea Kreste ke mokhoa le leano la tsoho ea bohle ba lokileng, ba shoeleng. “Haeba re lumela hore Jesu o ile a shoa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Molimo o tla ba tsosa bafung joaloka Jesu.” 1 Bathesalonika 4:14. EN 523.4