Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bopaki Ba Hore Le R5na Re Tla Tsoha

    Ha lentsoe la lengeloi le matla le utloahala lebitleng la Kreste, le re, Ntat’ao oa U bitsa, Mopholosi O ile a tsoa ka lebitleng, ka bophelo bo neng bo le ka hare ho Eena. Kreste O ne A ile a phatlalatsa ka tlholo A re, “Ke ‘na tsoho le bophelo.” Mantsoe ana a ne a ka buuoa ke Eo e leng Molimo. Tse hloliloeng tsohle, li itšetlehile ka bophelo boo li bo fumanang ho Molimo. Eena feela eo E neng e le ntho e le ‘ngoe le Molimo O ne A ka re, “Ke na le tokelo ea ho bo tela, ke na le tokelo ea ho bo fumana hape.” Sheba Johanne 10:18.EN 523.3

    Jesu O tsohile bafung e le selelekela ho bohle ba robetseng, ‘me tsoho ea Hae e ile ea etsahala ka lona letsatsi leo kotulo ea pele e neng e hlahisoa ka pel’a Morena. Ka lilemo tse fetang sekete, ha batho ba ne ba e-ea Jerusalema Pasekeng, litholoana tse neng li butsoa pele, li ne li hlahisoa ka pel’a Morena, e le linyehelo tsa teboho. Lijalo li ne li sa kotuloe pele nyehelo tsena li fanoe. Mangata a neng a tšoaetsoe Molimo a ne a emetse kotulo. Ka mokhoa o joalo tsoho ea Kreste ke mokhoa le leano la tsoho ea bohle ba lokileng, ba shoeleng. “Haeba re lumela hore Jesu o ile a shoa, a ba a tsoha bafung, le ba ithobaletseng ho Jesu, Molimo o tla ba tsosa bafung joaloka Jesu.” 1 Bathesalonika 4:14.EN 523.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents