Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 48—E MOHOLO KE MANG?

    [Khaolo ena e itšetlehile ho Matheu 17:22-27; 18:1-20; Mareka 9:30-50; Luka 9:46-48.]

    Ha A khutlela Kaperenauma, Jesu ka mokhoa o khut sitseng A batla ntlo e tla ba lehae la Hae la motsotso o se okae. Nakong e setseng ea ho lula ha Hae Galelea, ebile sepheo sa Hae ho eletsa barutuoa ho e-na le ho sebeletsa matšoele.EN 295.1

    Hape Kreste O ne A ile A ba bolella hore O tla bolaoa homme A tsohe hape. ‘Me A phaella ka hore O tla ekeloa matsohong a lira tsa Hae. Barutuoa le ha joale ha ba ka ba utloisisa mantsoe a Hae. Leha seriti sa mahlomola a maholo se ba aparetse ba phea khang bo-bona hore na ke mang ea lōkelang ho ba e moholo ‘musong. Phapang ena ba hopola ho e patela Jesu. Jesu A bala mehopolo ea bona A lakatsa le ho ba eletsa, feela A emela nako e lōkelang eo lipelo tsa bona li tla be li bulehile ho amohela mantsoe a Hae.EN 295.2

    Hang ha ba fihla motseng ‘mokelli oa lekhetho la tempele a botsa Petrose a re, “Na moruti oa lōna o ntša lekhetho la Tempele?” Tlatsetso ena ea borapeli e ne e koptjoa ho Mojuda e mong le e mong ka selemo hore a e lefe. Ho hana ho lefa, ho latela tekanyo ea baruti ba Majuda, e ne e ka ba sebe se soabisang. Joale lira tsa Hae tsa bona monyetla oa ho Mo hobosa. Ba sebelisa ‘mokelli oa nyehelo.EN 295.3

    Ka ho chesehella tlotliso ho Moruti oa hae, Petrose a akofa ho araba hore Jesu A ka lefa nyehelo. Athe meloko e meng e ne e lokolotsoe ho ntšeng nyehelo. Baprista le Balevi, le joale ba ne ba ntse ba nkuoa e le ba khethetsoeng tempele, ‘me ba ne ba sa koptjoe ho ntša nyehelo ea selemo e le tšehetso ea eona. Baporofeta le bona ba ne ba sa koptjoe ho ntša nyehelo. Ka ho batla nyehelo ho Jesu, baruti ba ne ba qhelela thōko tōkelo ea Hae e le moporofeta ‘me ba Mo etsa joaleka mang kapa mang feela. Ho hana ho lefa ho ne ho ka bontša ho hlokela tempele hlompho; ka nqa e ‘ngoe, tefo e ne e ka nkoa e le tōkafatso ea ho Mo hana ha bona ha ba re ha se moporofeta. Ka karabo ea hae ho ‘mokelli, Petrose ka bokhabane a tiisa khopolo e fosahetseng eo baprista le babusi ba neng ba leka ho e kenya tšebelisong.EN 295.4

    Ha Petrose a kena ka tlung, Mopholosi ha A ka A bua letho ka se etsahetseng, empa A botsa, “Uena u re’ng, Simone? Mahosi a lefatše a bokella lekhetho la khoebo kapa la monna ho bomang? Ho bara ba ‘ona kapa ho balichaba?” Petrose a re ho Eena, “Ho balichaba.” Jesu A re ho eena, “Ha ho le joalo, bara ba lokolohile.” Ha batho ba khafisoa ho tšehetsa morena oa bona, bana ba morena e moholo ha ba tlangoe. Ka hona Iseraele, joaloka sechaba sa Molimo, o ne a koptjoa ho tšehetsa mosebetsi oa Molimo; empa Jesu, Mora oa Molimo, O ne A se tlamehong e joalo.EN 296.1

    Hoja Jesu O ne A lefile nyehelo kantle ho khanyetso, e ne e le hore O lumetse tōka ea kōpo e batloang ho Eena ‘me ka hona e-be O latotse bo-Molimo ba Hae. Empa A latola kōpo kamoo e tlisoang kateng. Ka ho lōkisetsa hore ho lefshoe lekhetho leo O pakile bo-Molimo ba Hae ‘me ka hona O ne A sa ntse nyehelo joaloka mohlanka oa ‘muso.EN 296.2

    “E-ea leoatleng,” A laela Petrose, “u akhele selope, ‘me tlhapi eo u tla e tšoasa pele, u e nke, u e ahlamolle, ‘me u tla fumana setatera; u se nke, u ba nee sona ho lefella rōna le uena.”EN 296.3

    Ha Jesu A buile phatlalatsa hore ha A tlameha ho lefa lekhetho, A se ke A phea khang ka taba ena. A etsa seo ka nepo A neng A ke ke A kōptjoa ho se etsa esere mohlomong A khopisa ka ho se ntše nyehelo. Thuto ena e ne e tla ba ea bohlokoa haholo ho barutuoa ba Hae. Ba ne ba sa lokela ho ipea khahlanong kantle ho mabaka ho hanyetsa tsamaiso e lateloang. Bakreste ha ba lokele ho tela taba ea mothèo le ha e le ‘ngoe ea ‘nete, empa ba lokela ho phema khang e telele kamehla ha ho ka etsahala.EN 296.4

    Ha Petrose a sa ile leoatleng, Jesu A bitsetsa barutuoa ba bang ho Eena, A nt’o botsa, “Le ne le pheisana khang ea eng tseleng?” Ke lihlong le ho itsoa ba khutsa. Jesu O ne A se A ba boleletse hore O lokela ho ba shoela, ‘me takatso tsa bona tsa boithati ba boholo li ne li hanana ha bohlōkō le lerato la Hae le hlokang boithati. Empa leha A ne A buile ka mokhoa o hlakileng joalo ka se Mo tlelang, ho bolela ha Hae ka taba ea hore haufinyane C lokela ho ea Jerusalema hape ha hotetsa tšepo ea bona hore ‘muso o se o tla hlongoa. Hona ha etsa hore ba botse hore na ke mang ea tla ba moholo ‘musong oa Hae. Qetellong e mong a itekela ho botsa Jesu, “E moholo ‘Musong oa maholimo ke mang?”EN 296.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents