Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Simeone Ea Hlomphang Molimo O Lemohile Jesu

    Ha Simeone a kena ka tempeleng, o ile a ameha haholo hobane lesea le neng le tlisoa ho Morena ke Eo e sa leng a Mo lebella. Moprista ha a sheba Simeone a ‘mona a tletse thabo ea mofuta oa eona feela ‘me a hlōlloa. A Mo nkela matsohong a hae, ‘me thabo eo a sa kang a e utloa ha e sale e le eena, ea tlatsa moea oa hae. Eare ha a phahamisetsa lesea, leo e leng Mopholosi, nq’a leholimong a re “Morena, joale u ka lokolla mohlanka oa hao ka khotso, ho ea ka polelo ea hao; hobane mahlo a ka a bone ho pholosa ha hao, hoo u ho lokisitseng pontšeng ea lichaba tsohle; leseli le bonesetsang balichaba le tlōtla ea sechaba sa hao sa Iseraele.”EN 31.4

    Eare ha Josefa le Maria ba ntse ba eme, ba makalitsoe ke mantsoe a hae, a re ho Maria, “Bona, ngoana enoa o baletsoe ho oa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontšo e tlang ho hanyetsoa, hore maikutlo a lipelo tse ngata a senolehe. Le uena ka sebele lerumo le tla u hlaba moea.”EN 31.5

    Hape Anna moporofeta oa mosali a tla le eena, a tiisa bopaki ba Simeone. Sefahleho sa hae sa khanya ka khanya ea leholimo, eaba o leboha ka pelo ea hae eohle hore ebe le eena o fuoe sebaka sa ho bona Kreste Morena.EN 31.6

    Barapeli bana ba batho ba ne ba ithutile boporofeta. Empa babusi le baprista bona, leha ba ne ba ena le boporofeta ba bohlokoa matsohong a bona ba ne ba sa tsamaee tseleng ea Morena, ‘me mahlo a bona ha a ka a buleha ho bona khanya ea Leseli la bophelo.EN 32.1

    Ho sa ntse ho le joalo. Maikutlo a leholimo a shebile lintho tseo baetapele ba tsa bolumeli ba sa li eleng hlōkō. Batho ba hlokometse hore Kreste O bile teng nalaneng ea lefatše; empa haele Kreste oa mafutsana le basotlehi, ea buellang bahloki, ea sebeletsang toka har’a ho sonngoa le bofutsana, O ntse A sa amoheloe feela joalokaha ho ne ho etsahala lemong tse ka bang kete tse peli tse fetileng.EN 32.2

    Ha Maria a talima lesea ka matsohong a hae, ‘me a hopola mantsoe a buuoeng ke balisana, a tlaloa ke tšepo e khanyang. Mantsoe a Simeone a mo hopotsa boporofeta bo ngotsoeng ke Esaea bo reng, “Sechaba se neng se phela lefifing, se bone leseli le leholo; se neng se phela lefifing le letšo-letšo, joale se chabetsoe ke leseli....Rōna re tsoaletsoe Ngoana, rōna re filoe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae, o tla bitsoa Ralimakatso le Moeletsi, Molimo ea matla, Rabosafeleng, Khosana ea Khotso.” Esaea 9:2-6.EN 32.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents