Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Babusi Ba Eisa Kreste

    Lihlopha tse peli tsa tumelo tse fapaneng -Bafarisi le Basaduke -ba ne ba bile le tlhoeano e kholo, empa joale ba kopanela ho hanyetsa Kreste, ba kōpa pontšo e tsoang leholimong. Ha Iseraele e futuhela Bakanana BeteHorone, letsatsi la na la ema ka taelo ea Joshua. Jesu O ne A batloa pontšo e joalo. Empa bopaki bo bonoang bo joalo bo ne bo ke ke ba ba tsoela molemo.EN 275.3

    Jesu A re, “O lōna boikaketsi, le tseba ho hlalosa sebōpeho sa leholimo;” -ka ho ithuta leholimo ba ee ba tsebe ha le tla tsoha le sele le ha le tla luma -“athe le sitoa ho hlalosa litšupo tsa linako tsee!” Mantsoe a Kreste bo-oona, a builoeng ka matla a Moea o Halalelang, ebile pontšo eo Molimo O e faneng. Pina ea mangeloi ho balisana, naleli e ileng ea tsamaisa banna ba bohlale, lentsoe le tsoileng leholimong, kolobetsong ea Hae ebile lipaki tsa Hae.EN 275.4

    ‘‘Jesu a sisimoloha moeeng, a re: ‘Molōko ona o batlela’ng sesupo?” “O ke ke oa neoa sesupo, haese sa Jonase.” Joalekaha thuto ea Jonase ebile sesupo ho Baninife, ke ha joalo thuto ea Jesu ebileng sesupo molōkong oa mehla ea Hae. Empa ebile phapang e kaakang ea tsela eo ba amohetseng lentsoe ka eona. Batho ba motse o moholo oa bohedene ba ne ba ikokobetsa; ba boholong le ba tlase ba hōoa ho Molimo oa leholimo, ‘me ba neoa mohau oa Oona.EN 275.5

    Kreste A na A re, “Mohl’a kahlōlo batho ba Ninife ba tla ema, ba qose molōko ona, ba o ahlōle, hobane ba ne ba bake ha ba rutoa ke Jonase, empa bonang, mona ho teng ea fetang Jonase.” Matheu 12:41.EN 275.6

    Mohlolo o mong le o mong oo Kreste A o entseng ebile pontšo ea bo-Molimo ba Hae, empa ho Bafarisi mesebetsi ena ea mohau ebile khopiso e kholo. Batsamaisi ba Bajuda ba ne ba sa tšotelle mahlomola a batho. Hangata mahlomola ana a ne a bakuoe ke bona empa Kreste A ntša batho ho ona. Ke ka hona mehlolo ea Hae e bileng sekhobo ho bona.EN 276.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents