Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kaiafa A Ba Susumetsa Ho Bua Leshano

    Kaiafa o ile a leka ho bua. A bebenya melomo empa lentsoe la hana ho tsoa. Masole a ne a se a tsamaea, ha Kaiafa a bua a re, Butleng, butleng, le se bolelle motho ntho tseo le li boneng.EN 522.1

    Baprista ba re: “Le tle le re: ‘Barutuoa ba hae ba ile ba tla bosiu, ‘me ba mo utsoa ha re ntse re robetse.’” Mona joale baprista ba ile ba itšoaseletsa. Haeba masole a ne a robetse, a ne a ka tseba joang? Haeba barutuoa ba ne ba le molato oa ho utsoa setōpō sa Kreste, ebe baprista e ka be e se bōna ba pele ho ba tsoa? Kapa haeba balebeli ba ne ba robetse, ebe baprista ba ka be ba sa ba qosa ho Pilato?EN 522.2

    Masole a ile a nyaroha. Kahlōlo ea ho robala mosebetsing e ne e le lefu. Ebe ba ka bua leshano, ba bea bophelo ba bona tsietsing? Ebe ba ne ba tla ema joang kahlōlong, leha ba ne ba filoe tjotjo joalo hore ba itšoaseletse?EN 522.3

    Baprista ba ba tšepisa hore ba tla buella balebeli, ba bolela ka hore Pilato le eena o ne a ke ke a thabela phatlalatso ea litaba tse joalo. Masole a Roma a ile a rekisa botšepehi ba ona ka chelete. Ba tlile ka pel’a baprista ba nkile litaba tse makatsang, empa ba tlohile moo ba nkile chelete, ‘me maleme a bona a jere tlaleho ea leshano.EN 522.4

    Leha ho le joalo tlaleho ea tsoho ea Kreste e ile ea fihla ho Pilato. Le hoja a ne a ahlōtse Mopholosi ka lekhonono, o ne a e-s’o ho itšoabele ho fihlela joale. O ile a ikoalla ka tlung ea Hae a tšohile, a ikemiselitse ho se teane le mang kapa mang. Empa baprista ba ile ba itshohlometsa, ba fihla ho eena ba kōpa hore a iphapanyetse ho hloka botšepehi mosebetsing ha masole. Empa o ile a bitsetsa balebeli lekunutung ‘me a ba botsa. Ha ba ka ba mo patela letho, ‘me Pilato o ile a utloa ka bona tsohle tse etsahetseng. Ha a ka a latelisa litaba tsena empa ho tloha nakong eona eo a hloka khotso.EN 522.5

    Baprista, ka ho bolaea Kreste, ba ne ba ikentse lisebelisuoa tsa Satane. Joale ba ne ba se ba sebelisoa ke eena ka ho tlala, ba tšoasitsoe sefing seo ba neng ba sitoa ho itokolla ho sona, ha ese feela ho tsoela pele ho loantša Kreste. Tšepo ea bona feela e ne e le ea ho tiisa taba ea hore Kreste ke mothetsi, ka ho latola litaba tsa hore O tsohile. Ba ile ba fa masole tjotjo, ‘me ba qekisa Pilato hore a thole.EN 523.1

    Empa ho ne ho e-na le lipaki tseo ba sitoang ho li khutsisa. Ba bangata ba ne ba utloile bopaki ba masole, ba tsoho ea Kreste. ‘Me le bafu ba bang ba ileng ba tsoha le Kreste, ba ile ba hlaha ho batho ba bangata, ‘me ba phatlalatsa tsoho ea Hae. Baprista le babusi ba ne ba phela ka matsoalo, hore esere mohlomong ha ba ntse ba tsamaea, kapa sephiring mahaeng a bona, ba tšoana ba re ptjoang-tjoang le Kreste. Linotlolo li ne li ke ke tsa thibela Mora oa Molimo. Kamehla, motšeare le bosiu, pono e tšosang ha ba ne ba hoa ba re ‘’Mali a hae a botsoe rōna le bana ba rōna,” e ne e sa tlohe mehopolong ea bōna. Matheu 27:25.EN 523.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents