Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Re Tla Tseba Baratuoa Ba Rona

    Mopholosi ha A se A tsohile, O ne A ntse A tšoana le pele. Mokhoa oa Hae le puo ea Hae, li ne li ntse li tšoana le kamoo barutuoa ba neng ba li tseba kateng. Joalokaha Jesu A ile A tsoha bafung, batho bohle ba robetseng ho Eena, ba tla tsoha hape. Re tla tseba metsoalle ea rōna, joalokaha barutuoa ba ile ba tseba Jesu. Sebōpeho sa bona se tla ‘ne se bonahale ‘meleng ea bona e tlotlisitsoeng. Re tla tseba baratuoa ba rōna.EN 535.2

    Jesu O ile A hopotsa barutuoa ba Hae mantsoe Ao A neng A a bue pele A e-shoa. “Eaba o ba bula likelello hore ba utloisise Mangolo. A re ho bona: ‘Ho ngotsoe joalo hore eka khona Kreste a hlōkōfatsoe, a tsohe bafung ka tsatsi la boraro, le hore ka lebitso la hae, lichaba tsohle li phatlalletsoe pako le tšoarelo ea libe, ho qala Jerusalema. Lōna le lipaki tsa litaba tsena.” Bophelo ba Kreste, lefu la Hae le tsoho ea Hae, boporofeta bo neng bo supa tsena, le khalalelo ea molao oa Molimo, liphiri tsa leano la pholoho, matla a Jesu a ho folisa libe -tsena tsohle, barutuoa ba ne ba tšoanetse ho li tsebisa lefatše.EN 535.3

    “Hoba a rialo, a bululela moea ho bona, a re: ‘Amohelang Moea o Halalelang! Bao le tla ba tšoarela libe, ba li tšoaretsoe; bao le ba ballang tsona, ba li baletsoe.’” Ha ba ka ba fumana Moea o Halalelang ka bongata ho fihlela kamorao ho hore Jesu A nyolohele leholimong. Empa Kreste O ile A ba bululela Moea oa Hae O Halalelang ho ba elelloisa hore ba ke ke ba tseba ho phetha mosebetsi oa bona oa kereke ha ba se na Moea o Halalelang.EN 535.4

    Ho abeloa Moea ke ho abeloa bophelo ba Kreste. Ho hlomelia ea O amohelang ka semelo sa Kreste. Ke feela ba sebelisoang ke Moea ka hare, bao maphelo a bona a senolang bophelo ba Kreste ke bona ba feela tšoanetseng ho sebeletsa kereke.EN 535.5

    Kreste O itse “bao le tla ba tsoarelang libe, ba li tsoaretsoe; bao le ba ballang tsona, ba li baletsoe.” Ka mantsoe ana, Kreste ha A fe mang kapa mang matla a ho ahlola ba bang. Hona ke tokelo ea Molimo. Empa O fa kereke e hlophisitsoeng boikarabello holim’a setho ka seng. Kereke e na le boikarabello holim’a ho ba oelang sebeng, ho ba hlokomelisa, ho ba laea le ho ba busetsa litulong ha ho lumelleha. Sebetsana le liphoso ka botšepehi. Bitsa sebe ka lebitso la sona. Phatlalatsa seo Molimo O se buileng ka leshano, ho tlola molao oa Sabatha, ho utsoa, le bokhopo bohle. Haeba ba tsoela pele ho etsa sebe, kahlōlo eo u ba neileng eona, e tsoang Lentsoeng la Molimo, leholimo le tla ba ahlola ka eona. Kereke e lokela ho bontša hore ha e emele liketso tsa bona tse mpe, hoseng joalo e tlabe e tlontlolla Morena oa eona. E lokela ho sebetsana le sebe joalekaha Molimo O laetse, ‘me leholimo le tla tiisa qeto e entsoeng.EN 536.1

    Empa taelo ena e na le karolo e khothatsang “bao le tla ba tsoarelang libe, ba li tšoaretsoe.” Bea mohopolo ona kaholimo. Molisa a ke a bolelle ba fosang ka mohau o tsoarelang oa Mopholosi. Moetsalibe a ke a khothaletsoe ho baka, le ho lumela ho Ea ka tsoarelang. “Ha re ipolela libe tsa rona, Molimo o tla re tšoarela tsona, ‘me a re hloekise bokhopo bohle, kaha oa tšepahala, ‘me o lokile.” 1 Johanne 1:9. Beha letsoho le thothomelang la ea sokolohang ka letsohong le nang le lerato la Jesu. Leholimo le amohela pako e joalo.EN 536.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents