Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ke Hobaneng Ha Judase A Ile A Teneha

    Judase o ile a khentšoa ke ketso ena haholo. A hoesheletsa lipelaelo tsa hae ho ba lutseng le eena, a nyatsa Kreste ka ho lumella tšenyo e kaalo. Judase, e ne e le eena ramatlotlo oa barutuoa, ‘me o ne a nka chelete ka lenyele, a itšebelisetsa eona, ka hoo a qephisa mokotla oo o fokolang haholo. O ne a lakatsa hore tsohle tseo a neng a ka li fumana, a li kenye mokotleng oo. Ha ho e-na le ntho e rekiloeng eo a nahanang hore ha e na molemo o ne a re, ke hobaneng ha chelete ea thepa ee e sa ka ea kenngoa ka mokotleng oo ke o tšoereng bakeng sa mafutsana?EN 373.4

    Ketso ea Maria e ile ea hanana haholo le boikhabo ba Judase, ‘me hoo ho ile ha mo soabisa. Ke ha a leka ho batla lebaka le utloahalang la ho nyatsa mpho eo,ka hore, “Ke hobane’ng ha setlolo see se sa ka sa rekisoa lidenare tse makholo a mararo, tsa neoa mafutsana? O ile a rialo e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le lesholu.” Hoja setlolo seo sa rekisoa, ‘me chelete ea sona ea oela ka mokotleng oa Judase, bafumanehi ba ka be ba sa fumana letho.EN 374.1

    Joalokaha e le setsebi polokong ea chelete Judase o ne a ikutloa e le ea phahameng ho feta barutuoa ba bang, ‘me o ne a e-na le tšutšumetso e kholo holim’a bona. Ba bang ba thetsahala ke boipolelo ba hae, ba hore o hlokomela mafutsana. Ba luma-luma ho pota tafole, ba re, “Tsenyo ee ea setlolo e etsetsoa’ng? Setlolo sena se ka be se rekisitsoe lidenare tse fetang makholo a mararo, ‘me tsa abeloa mafutsana.”EN 374.2

    Maria a utloa ho nyatsuoa hona ‘me a tlala tšabo ka pelong ea hae; a tšohile le hore ngoan’abo o tloha a mo omanyetsa tsenyo ena. Le hore Morena le Eena, O tloha A ‘mona e le motho ea senyang. O ne a le haufi le ho baleha, ha a tla utloa lentsoe la Morena oa hae, le re, “Mo leseng! Le mo nyahamisetsa’ng pelo?” Morena O ne A tseba hore ketsong ena, Maria o bontšitse teboho ea hae bakeng sa tšoarelo ea libe tsa hae. A phahamisa lentsoe la Hae, A re ho bona, “O nketselitse ketso e molemo. Mafutsana le na le ‘ona kamehla, me le ka a etsetsa molemo neng le neng ha le rata; athe ‘na le ke ke la ba le ‘na kamehla. O entse sohle seo a neng a ka se etsa: o se a tlotselitse ‘mele oa ka kepelo.”EN 374.3

    Mpho e monko o monate eo Maria a neng a nahanne ho e sebelisa ho tlotsa setōpō sa Mopholosi, o ile a e sebelisa ho tlotsa ‘mele oa Hae o phelang. Lepatong, monko oo o monate o ka be o ile oa aparela lebitla; empa ha joale a thabisa pelo ea Mopholosi. Ka ho tšollela lerato la hae ho Mopholosi A ntse A phela, ‘me A bona boitelo ba hae, o ne a Mo tlotsetsa ho èpèloa. Eana eare ha a kena lefifing la teko ea Hae e kholo, A be A ntse A nahana ka ketso eo ea Maria, le lerato le leholo la ‘nete leo e tlang hoba la Hae, le tsoa ho batho ba Hae ba pholositsoeng ka ho sa feleng.EN 374.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents