Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 32—MOLAOLI OA LEKHOLO O KOPELA MOHLANKA OA HAE THUSO

    [E itšetlehile ka Matheu 8:5-13; Luka 7:1-17.]

    Kreste O ne A utloile bohlōkō hore ebe sechaba sa habo ke sona se batlang pontšo ea hore ke Mesia. Empa O ile A makatsoa ke hore molaoli enoa ea neng a tlile ho Eena, ha a ka a Mo kōpa hore A tle ka boEena, ‘me A ‘montše mohlolo. “Bua feela, ‘me mohlanka oa ka o tla fola.”EN 213.1

    Mohlanka oa molaoli enoa o ne a omelletse litho, ‘me a le makhatheng a ho shoa. Har’a Baroma, basebeletsi e ne e le makhoba, ‘me ba ne ba rekoa, ba rekisoa, ‘me ba ne ba tšoeroe hampe, ba khahlapetsoa. Empa molaoli enoa o ne a rata mosebeletsi oa hae, ‘me a lakatsa hore a fole. O ne a lumela hore Jesu A ka mo folisa. Litlaleho tseo a neng a li fumane li ne li mo susumelitse hore a be le tumelo.EN 213.2

    Moroma enoa o ne a khotsoe hore tumelo ea Bajuda e phahametse ea bona. O ne a intšitse ho nahanelaneng, le lehloeong le neng le entse likarohano lipakeng tsa bahapi le bahapuoa ‘me a bontšitse Bajuda mosa. Thutong ea Jesu A fumana se kholisang bohloki ba moea. A ikutla a hulehela ho Jesu ka botebo ba maikutlo a hae. Empa a iphumana a sa lokela hore a ka hlaha ka pele ho Jesu, ‘me a kōpa baholo ba Bajuda hore ba kōpele mohlanka oa hae pholiso. Kaha ba ne ba tloaetse Moruti enoa e moholo, o ne a tšepile hore ba tla ‘muela le Eena, ka mokhoa o nepahetseng. Jesu ha A kena Kaperenauma A kopana le sehlopha sa baholo se neng se rōmiloe ho Eena. Ba ile ba Mo rapela ka matla, ba re: “O lokeloa ke hore u mo etsetse joalo, hobane o rata sechaba sa rōna, o bile o re hahetse ntlo ea thapelo.”EN 213.3

    Jesu A potlakela lapeng la molaoli empa, ka lebaka la ho bokaneloa ke matšoele, A lieha ho fihla. Molaoli ka ho se itšepe, a Mo romella molaetsa ona, “Morena,...ha ke tšoaneloe ke hore u kene tlung ea ka.” Empa Mopholosi O ile A ‘na A tsoela pele. Qetellong molaoli a iteta sebete ‘me a Mo atamela a re, “ka baka leo, ha kea ka ka iphumana ke lokeloa ke ho tla ho uena;” “Mpe u bue feela, ‘me mohlanka oa ka o tla fola. Le ‘na, ke le motho ea laoloang ke ba bang, ke na le bahlabani tlas’a ka, ‘me ha ke re ho enoa, ‘E-ea,’ oa ea, le ho e mong ‘Tloo,’ oa tla, le ho mohlanka oa ka, ‘Etsa hona,’ oa etsa.” Joaloka ha ke le ea emetseng ‘muso oa Roma, le bahlabani ba ka ba hlonepha matla a ka, joale Uena u emetse ‘muso oa Molimo O sa feleng, ‘me lihloliloeng tsohle li mamela lentsoe la Hao. U ka laela boloetse hore bo tsoe ‘me bo tla U mamela. U ka bitso maqosa a leholimo ho tlisa matla a pholiso. U mpe U bue polelo ‘me mohlanka oa ka o tla fola.EN 214.1

    “Ha Jesu a utloa taba tseo, a mo makalla, ‘me a rctelehela ho letšoele le mo latetseng, a re: ‘Kea le bolella, ha ke e-s’o fumane tumelo e kaalo le Iseraeleng.’” ‘Me ho molaoli A re, “‘E-ea, u etsetsoe joalokaha u lumetse!.’ Mohlanka oa hae a fola ka eona nako eo.”EN 214.2

    Baholo ba Bajuda ba ile ba thoolletsa molaoli ka lebaka la mohau oo a ileng a o bontša “sechaba sa rona,” e le ha ba ikuka ba lokile. Empa molaoli ena ha a ipolela o itse, “ha ke tšoaneloe.” O ne a sa tšepa ho loka ha hae. Tumelo ea hae e ile ea ama Kreste semelong sa Hae sa sebele Eena Motsoalle le Mopholosi oa batho.EN 214.3

    Ha Satane a u bolella hore u moetsalibe, ‘molelle hore Kreste O tlile lefatseng lena ho pholosa baetsalibe. Kōpo eo re ka e etsang hona joale le ka mehla eohle, ke ho hlahisa boemo ba rōna bo se nang thuso e leng bona bo etsang ebe re hloka matla a Hae a pholosang.EN 214.4

    Letsohong la ka ha kea tšoara letho
    Ke mpa ke itšoarella sefapanong.
    EN 214.5

    Bajuda ba ne ba sa bone letho le lakatsehang ho Jesu. Empa molaoli enoa ea holisitsoeng ka lithuto tsa melimo ea bohata ea Roma, eo ho neng ho bonahala a arohantsoe le bophelo ba moea ke thuto le tse mo pota-potileng, ea koaletsoeng ka ntle ke boikhopolo ba Bajuda — eena monna enoa o ile a bona ‘nete eo bana ba Aborahama ba neng ba sitoa ho e bona. “Leseli la ‘nete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le e-tla lefatšeng” (Johanne 1:9) le ne le mo chabetse, ‘me o ne a bone khanya ea Mora oa Molimo. Ho Jesu, ona e ne e le o mong feela mohlala oa meea e mengata e tla bokelloa e tsoa lichabeng tsohle, e bokelleloa ‘muso oa Hae.EN 214.6

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents