Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 17—NIKODEMA O TLA HO JESU BOSIU

    [E itšetlehile ka khaolo ea Johanne 3:1-17.]

    Nikodema e leng setho se hlomphehang, se rutehileng sa lekhotla la sechaba o ne a sisimolositsoe ke thuto ea Jesu. Leha e ne e le morui, a bile a rutehile, o ne a hohetsoe ka mohlolo ke Monazareta enoa ea ikokobelitseng. Lithuto tse tsoang molomong oa Mopholosi li ne li lutse maikutlong a hae, ‘me o ne a lakatsa ho ithuta haholo.EN 106.1

    Kreste O ile A sebelisa matla ho hloekisa tempele ‘me hona ho ile ha qholotsa lehloeo la baprista le babusi. Sebete se sekaalo se neng se bonahala ho Mogalelea enoa ea neng A sa tsebahale, se ne se ke ke sa mamelloa. Empa ha se bohle ba neng ba lumela hore mosebetsi oa Hae o felisoe. Ba bang ba ne ba tšaba ho ba khahlanong le Eo ea neng A bonahala A tsamaisoa ke Moea oa Molimo. Ba ne ba tseba hore bokhoba ba Bajuda sechabeng seo sa bahedene e ne e le litholoana tsa manganga a bona le ho se natse likhalemelo tse tsoang ho Molimo. Ba ne ba tšaba hore ka ho rera ho hanyetsa Jesu baprista le babusi ba ne ba latela mehatong ea bo ntat’a bona ‘me ba ne ba tla tlisetsa sechaba mathata a macha. Nikodema o ne a e-na le maikutlo a tsoanang le a bona. Lekhotleng la puso, Nikodema o ile a eletsa hore lintho li etsoe ka hlōkō le ka boitšoaro. O ile a eletsa ka hore, haeba Jesu A hlile A fuoe kabelo ea ho sebelisa matla a tsoang ho Molimo, e ka ba kotsi ho se natse likeletso tsa Hae. Baprista ba ne ba ke ke ba iphapanyetsa keletso ena.EN 106.2

    Nikodema o ne a ile a ithuta boporofeta bo bolelang ka Jesu ka hlōkō. Patlisisong ea hae o ile a ba le kholo e tiileng ea hore enoa ke Eena ea neng A tšoanetse ho tla. O ne a ile a utloisoa bohlōkō ke tšebeliso e fosahetseng ea tempele. O ile a bona ha Jesu A ntša ba neng ba reka le ba neng ba rekisa; a bona Mopholosi A folisa ba kulang; a bona ha lifahleho tsa bona li tlala thabo, a utloa le mantsoe a bona a thoriso. O ne a se na pelaelo ea hore Jesu oa Nazareta ke Morōmuoa oa Molimo.EN 107.1

    O ne a lakatsa haholo ho buisana le Jesu, empa o ne a tšaba ho Mo batla pepeneneng. Ha Lekhotla la puso le ne le ka tseba hore o ile a etela Jesu o ne a tla nyefoloa le ho nyatsoa. A itokisetsa ho kopana le Jesu ka sekhukhu. A etsa lipatlisiso tse khethehileng, ho fumana moo Jesu A orohelang teng, thabeng ea mehloare, ‘me a ema ho fihlela bosiu ha motse o khutsitse, ‘me a ‘Matla.EN 107.2

    Kapele ho Kreste, Nikodema o ile a tšoaroa ke lihlong tse sa tloaelehang, tseo a ileng a leka ho li pata. “Rabbi, rea tseba hore u moruti ea tsoang ho Molimo, hobane ha ho ea ka etsang mehlolo ena eo u e etsang, ha Molimo a se na le eena.” Mantsoe a hae a ne a hlophisitsoe ka mokhoa oo a bontšang ho mema Kreste hore A mo tšepe, empa a ne a bontša ho hloka tumelo. Ha a ka a hlahisa Jesu e le Mesia, o ile a re feela, ke moruti ea rōmeletsoeng ke Molimo.EN 107.3

    Jesu O ile A sheba enoa ea neng a bua, joalokaha eka o bala kelello ea hae. A bona ka pele ho mahlo a Hae, ea batlang ‘nete. Ka takatso ea ho holisa tumelo eo momameli oa Hae a neng a se a e-na le eona, A be A se A phunya litaba, A re ka mosa, “Kannetenete, kea u bolella, ha motho a sa tsoaloe bocha, a ke ke a bona ‘Muso oa Molimo.” Johanne 3:3.EN 107.4

    Nikodema o ne a tlile lipuisanong, empa Jesu A utolla motso oa ‘nete. A re, Ha u hloke ho kholisoa, empa e le ho fumana pelo e ncha. U tšoanetse ho fumana bophelo bo bocha bo tsoang holimo, pele u ka thabela lintho tsa leholimo. Pele phetoho ena e etsahala, ha ho na ho ba le thuso ho buisana le ‘Na ka matla kapa thōmo ea Ka.EN 107.5

    Nikodema o ne a ile a utloa thuto ea Johanne Mokolobetsi e buang ka pako. Empa molaetsa o sisimosang pelo oa Mokolobetsi o ne o ile oa sitoa ho mo kholisa hore ke moetsalibe. E ne e le Mofarisi ea tiileng, ‘me o ne a ithorisa ka mesebetsi ea hae e metle. O ne a tsebahala ka mesebetsi ea hae e metle, ‘me a ikutloa a lōketsoe ke lerato la Molimo. O ile a tšosoa ke monahano oa ‘muso o hloekileng hoo a ke keng a o bona, a le boemong ba hae.EN 107.6

    Setšoantšo sa tsoalo e ncha e ne e se ntho e ncha litsebeng tsa Nikodema. Batho ba sokolloang bohedeneng ba ne ba atisa ho bapisoa le bana ba sa tsoa hlaha. Ka lebaka leo, o tlameha a ile a utloisisa mantsoe a Kreste. Empa, joaloka Moisraele, o ile a ikutloa a sa hloke phetoho. Ke kahoo a ileng a makatsoa le ho tenoa ke mantsoe a Mopholosi. Boikhōhōmōso ba bofarisi bo ne bo loantšana le takatso ea hae ea ho batla ‘nete.EN 108.1

    Ka ho makala a araba ka mantsoe a phoqang, “Motho a ka tsoaloa joang a se a tsofetse na?” Joaleka ba bangata, o ile a senola hore ha ho letho mothong oa nama le amohelang lintho tsa Moea; lintho tsa Moea li bonoa ka Moea.EN 108.2

    Ka bokhabane bo hlokang lerata, Mopholosi A phahamisa lentsoe ‘me ka tiiso e kholo A kenya litaba tsena tsa ‘nete kelellong, “Kannete-nete, kea u bolella, ha motho a sa tsoaloe ka metsi le ka Moea, a ke ke a kena ‘Musong oa Molimo.” Nikodema o ne a tseba hore Jesu mona O bua ka kolobetso ea metsi, le nchafatso ea pelo e etsoang ke Moea oa Molimo. O ne a khotsoe hore o ka pel’a Eo ho tla ha Hae ho ileng ha boleloa pele ke Johanne Mokolobetsi.EN 108.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents