Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 44—PONTŠO EA ‘NETE

    [E itšetlehile ho Matheu 15:29-39; 16:1-13; Mareka 7:31-37; 8:1-21.]

    Dekapolese, moo batho ba nang le bademona ba Gadara ba ileng ba folisoa, batho ba ile ba qophella Jesu ho tloha. Empa ba ile ba mamela maqosa ao A a siileng. Ha A boela hape naheng eo, letšoele la bokellana, ‘me ha tlisoa ho Eena motho ea tsebetutu, ea semumu. Ha A mo nketse kathōko, Jesu A mo kenya menoana litsebeng A mo ama leleme. A feheloa ha A hopola litsebe tse sitiloeng ho mamela ‘nete, le leleme le hloloang ho bua ka Molopolli. Ha lentsoe le re, “Thiboloha,” mothapo oa leleme la hae oa lōkōlōha, ‘me a bua hantle.EN 274.1

    Jesu A nyolohela thabeng, ‘me teng matšoele a phuthehela ka bongata ho Eena, a tlisa bakuli le lihlotsa. A ba folisa bohle; ‘me batho, leha e ne e le bahedene, ba tlōtlisa Molimo oa Iseraele. Ka matsatsi a mararo ba khobokana ho Mopholosi, ba robala kantle bosiu, ‘me motšeare ba subuhlellana ho mamela mantsoe a Kreste le ho bona mesebetsi ea Hae.EN 274.2

    Kamora’ matsatsi a mararo ba felloa ke lijo. Jesu A sitoa ho ba khutlisa le tlala, ‘me a bitsa barutuoa ba Hae ho ba abela lijo. Bethesaida teng ba ne ba ile ba bona kamoo lijo tsa bona tse neng li fokola li ileng tsa anela ho fepa bongata; leha ho le joalo nakong ena ha ba ka ba tlisa sohle seo ba nang le sona ho Eena, ba tsepile matlang a Hae ho se atisetsa matšoele a lapileng. Barutuoa ba boela ba bonahatsa ho se lumele ha bona. Bao A ba fepileng Bethesaida e ne e le Bajuda; Mona e ne e le Balichaba le bahedene. Ho khesa batho ba bang ha Bajuda ho ne ho ntse ho le matla lipelong tsa barutuoa. “Ekaba har’a lefeella lee re ka fumana hokae bohobe bo lekaneng ho khōrisa letšoele le lekaale?”EN 274.3

    Empa ka ho mamela lentsoe la Hae ba Mo tlisetsa seo ba nang le sona -mahobe a supileng le lihlapi tse peli. Bongata ba abeloa, ha ba ha thonakoa lingoathoana tse setseng tsa tlatsa liroto tse supileng. Ba jeleng e ne e le banna ba kete tse ‘ne, ha ho sa baloe basali le bana.EN 275.1

    Eaba Jesu ‘moho le barutuoa ba Hae, ba tšela letša ba ea Magadala. Moeling oa Tire le Sidone moea oa Hae o ne o khatholositsoe ke tšepo e tebileng ea mosali oa mofuta oa baSiro-Fenisia. Batho ba bohedene ba Dekapolese ba ne ba Mo amohetse ka thabo. Joale ha A boetse A theoha sekepeng Galelea, moo mesebetsi ea Hae boholo, ea mohau e etsahetseng, A teana le ho se lumele ho nyelisang.EN 275.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents