Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mohlala Ho Bo-’mè le Bo-ntate

    Bana ba ka angoa haholo ke lithuto tsa Mangolo a halalelang, lipelo tsa bona li matla hoo li tsebang ho bōlōka lithuto tseo ba li fumanang. Bana ba banyenyane ekaba ba-Kreste ho latela lilemo tsa bona.EN 344.4

    Batsoali ba tšoanetse ho sheba bana ba bona e le litho tse nyane tsa lelapa la Morena, tse beiloeng matsohong a bona ho li rupella bakeng sa leholimo. Lehae la boKreste le fetoha sekolo, ‘me batsoali e le mesuoe e menyane, ha Kreste Eena e le Morupelli ea ka sehlohong. Re tšoanetse ho ruta bana ba rōna ho tlisa libe tsa bona ho Jesu, ba kōpe tšoarelo ‘me ba lumele hore Oa ba tšoarela joalokaha A ile A amohela bana ha A ne A phela lefatšeng.EN 344.5

    Joalokaha ‘mè a ruta bana ba hae ho mo hlonepha hobane ba mo rata, o se a ntse a ba ruta thuto ea pele bophelong ba bo-Kreste. Lerato la ‘mè ho ngoana le emetse lerato la Kreste, ‘me ba banyenyane ba tšepang, le ho mamela batsoali ba ithuta ho tšepa le ho mamela Mopholosi.EN 345.1

    Jesu hape E ne E le mohlala oa ntate. Lentsoe la Hae le ne le na le matla, empa le ho batho ba sa hlonepheng ba khopo, ha A ka A etsa letho le khopo kapa le tlōntlollang. Ha mohau oa Kreste o le ka pelong o tla nolofatsa tsohle tse sa thabiseng ‘me o kokobetse tsohle tse hlōkōfatsang. O tla etsa hore batsoali ba tšoare bana ba bona ka mokhoa o tšoanang le oo bona ba ratang ho tšoaroa ka oona.EN 345.2

    Batsoali, ha le ntse le koetlisa bana ba lona, ithuteng lithuto tseo Molimo O faneng ka tsona tlholehong. Haeba u batla ho koetlisa palesa kapa mohalalitoe, seo o ka se etsa ka mokhoa o joang? Botsa molemi hore na o etsa joang hore ka lekala le leng le le leng, esita le makhasi, li bopehe ka mokhoa oo o lekaneng ka hohle ‘me o ratehang. O tla o bolella, a re, e ne e se ka tšoaro e mpe, kapa ka mokhoa oa hlōkōfatso, hobane hoo ho ne ho ka roba kutu tseo tse bonojoana. Empa e bile ka tlhokomelo e fokolang, e phetoa-phetoang hangata. O ile a nolofatsa mobu ‘me a sireletsa limela tse holang, hore li se hlōkōfatsoe ke meea e bohale le letsatsi le chesang ha bohlōkō, ‘me Molimo A etse hore li thunye li boheha. Ka tšoaro e bonolo, lekang ho fetola limelo tsa bana ba lōna hore li tšoane le semelo sa Kreste.EN 345.3

    Khothaletsang pontšo ea lerato ho Molimo le ho batho ba bang. Lebaka leo ka lōna re nang le banna le basali ba pelo li thata lefatšeng ke hobane lerato la ‘nete ha le ea ka la khothaletsoa, le ile la hatelloa. Boleng bo botle ba batho bana bo ile ba hatelloa bongoaneng ba bona, ‘me ntle le hore lerato la leholimo le qhibilihise serame sena sa boikhabo, thabo ea bona e tla senyeha ho isa khale. Haeba re lakatsa hore bana ba rona ba be le moea o bonolo oa Jesu, re tsoanetse ho khothaletsa limelo tse molemo tsa lerato, tsa bongoaneng.EN 345.4

    Ruta bana ho bona Kreste tlholehong. Ba nkele ka ntle sebakeng, kapa tlas’a lifate tse hlomphehang, kapa ka jareteng. Linthong tsohle tse babatsehang tsa mesebetsi ea tlholeho, ruta bana ho bona lerato la Kreste. O entse melao e busang tsohle tse phelang, ‘me A etsa melao bakeng sa thabo le monyaka oa rona. Se ba khathatse ka lithapelo tse telele le ka maikutlo a thata, empa ba rute ho hlonepha molao oa Molimo ka lithuto tsa tlholeho.EN 345.5

    Ha o leka ho hlakisa linnete tsa topollo, shebisa bana ho Kreste, E leng Eena Mopholosi oa motho ka mang. Mangeloi a tlaba lehlakoreng la hao. Morena O tla fa batsoali mohau oa ho thahasellisa bana ka pale ea bohlokoa ea Lesea la Betlelehema.EN 346.1

    Se khelose bana ho Jesu ka likomang le khalefo. Se ke ua etsa hore ba be le maikutlo a hore leholimong ho ke ke ha ba monate haeba le uena u ka ba teng moo. Se bue hampe ka molaetsa o molemo, ka hore bana ba ka sitoa ho o utloisisa. Se fane ka maikutlo a fosahetseng mabapi le tumelo ho Kreste, joalokaha eka motho o tšoanetse ho hlonama ha e le molumeli, ‘me ha a tla ho Mopholosi o tšoanetse ho tlohela tsohle tse etsang hore bophelo bo be monate.EN 346.2

    Ha Moea o Halalelang O tsamaisa lipelo tsa bana, sebetsa ‘moho le Oona. Mopholosi oa ba bitsa. Ha ho letho le ka Mo thabisang ho fetisa ha ba nehela maphelo a bona ho Eena bocheng ba bona. Pelo ea Hae e tsoile, e seng feela bakeng sa bana ba itšoereng hantle, empa le bakeng sa bao ba futsisitsoeng limelo tse nyatsehang. Batsoali ba bangata ba hloka bonolo le bohlale ba ho tšoara bana ba khelohileng, empa e le bona ba ba entseng seo ba leng sona. Empa Jesu O sheba bana bana ka kutloelo-bohlōkō.EN 346.3

    E bang lisebelisoa tsa Kreste ho tlisa bana bana ho Mopholosi. Ka bohlale le kutloisiso ba feng khothatso le tšepo. Ka mohau oa Morena ba tla fetoloa boitšoarong, e le hore ho tle ho thoe ka bona, “‘Muso oa maholimo ke oa ba joaloka bona.”EN 346.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents