Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Tšepo Tsa Boithati Ha Li Phethahatsoe

    Jesu O ne A ile A etsa ‘ona mosebetsi oo boporofeta bo hlileng ba o bolela e sa le pele hore Mesia O tla o etsa, empa batho ba ne ba e-s’o be lipaki tsa seo litakatso tsa bona tsa boithati li neng li se tšoantšitse e le mosebetsi oa Hae. Mehleng ea Moshe Iseraele o ne a ile a feptjoa manna ka mengoaha e mashome a mane, ‘me ha lebelloa mahlohonolo a maholo ka ho fetisisa a tsoang ho Mesia. Ke ha joang Jesu A neng A keke A fana bophelo, matla le maruo bathong ba Hae bohle, A ba lopolla ho batubi ba bona, ‘me A ba phahamisetsa matleng le hlomphehong? O bolelisitse E le Ea rōmiloeng ke Molimo, leha ho le joalo A latola hore ke morena oa Iseraele! Hona ea e-ba sephiri seo ba neng ba sitoa ho se lekanya. Na ebe O tšaba ho lōkōlisa litokelo tsa Hae e le hobane Eena ka-Bo-Eena A ipelaela semelo sa Hae sa bo-Molimo sa thorno?EN 258.3

    Eka oa soma-soma moruti oa molao a botsa: “U etsa mohlolo ofe, hore re bone, ‘me re lumele ho uena? U sebetsa eng? Bontat’a rōna ba jele manna feelleng, joalokaha ho ngotsoe, ho thoe: ‘O ba fepile ka bohobe bo tsoang leholimong.’”EN 258.4

    “Jesu a re ho bona, ‘Kannete-nete, kea le bolella, hase Moshe ea le neileng bohobe bo tsoang leholimong.” Mofani oa manna O ne A eme har’a bona. Kreste Bo-eena o ne A tsamaisa Baheberu, ‘me o ba fepile kamehla ka bohobe bo tsoang leholimong. Sejo seo e ne e le setšoantšo sa bohobe ba sebele bo tsoang leholimong. Moea O fanang ka bophelo ke manna a ‘nete. “Hobane bohobe ba Molimo ke ea theohang leholimong, ea fang lefatše bophelo.” Johanne 6:33.EN 258.5

    Ba sa ntsane ba nahana ka hore O bua ka lijo tsa ‘mele, ba bang ba hōoa ba re, “Morena, re fe bohobe bona kamehla.” Eaba Jesu o bua phatlalatsa A re, “Ke ‘na bohobe ba bophelo.”EN 259.1

    Moshe o n’a ile a re, “Motho ha a phele ka bohobe feela, empa o phela le ka polelo e ‘ngoe le e ‘ngoe e tsoang molomong oa Morena.” Lipolelo 8:3. Le Jeremia o kile a ngola a re, “Lipolelo tsa hao, li ile tsa ka bohobe ho ‘na, ka li ja, ea eba thabo le monyaka oa pelo ea ka.” Jeremia 15:16. Thuto ea baporofeta e ne e ile ea bonesetsa thuto ea moea e boleloang ke mohlolo oa lipolokoe. Hoja bamameli ba Kreste ntlong ea thapelo ba utloisisitse Mangolo, ba ka be ba ile ba utloisisa mantsoe a Hae ha A re, “Ke ‘Na bohobe ba bophelo.” Joalekaha matsoele a ile a fumantšoa matla ‘meleng ka bohobe boo A ileng A ba neela bona ka la maobane, ka tsela e joalo ho Kreste ba ne ba ka fumana matlafatso ea moea ho isa bophelong bo sa feleng. “Ea tlang ho ‘na,” A rialo, “A ke ke a lapa le ka mohla, ‘me ea lumelang ho ‘na ha a ke ke a nyoroa le ka mohla.” Empa A eketsa, “Leha le mpone, ha le lumele.”EN 259.2

    Ba ne ba ile ba bona Kreste ka bopaki ba Moea o Halalelang ka tšenolo ea Molimo meeeng ea bona. Lipontšo tse phelang tsa matla a Hae li bile ka pele ho bona letsatsi le letsatsi, leha ho le joalo ba ‘na ba kōpa pontšo e ‘ngoe. Haeba ba sa ka ba kholiseha ke seo ba se boneng le ho se utloa, ho ne ho se thuso ho ba bontša mesebetsi e meng e hlollang. Ho se lumele e tla be esale ho fumana lebaka la moitatolo ‘me ho qhelele thōko kholiso e tiileng.EN 259.3

    Hape Kreste A boela A ipiletsa lipelong tseo tse manganga A re: “Ea tlang ho ‘na ha nka ke ka mo lahlela kantle.” A re bohle ba Mo amohetseng tumelong ba tla ba le bophelo bo sa feleng. Ha ho sa hlokeha hore batho ba llele bafu ba bona ka masoabi a hlokang tšepo. “Thato ea ea nthōmileng ke hore ho bohle bao a ‘neileng bona, ho se ke ha lahleha le ea mong oa bona, empa ke ba tsose ka letsatsi la ho qetela.”EN 259.4

    Empa batsamaisi ba khopeha. “Na Jesu eo hase mor’a Josefa, eo re tsebang ntat’ae le ‘m’ae? Joale o bolela joang ha a re: ‘Ke theohile leholimong?”‘ Ba bua ka ho khesa tlhaho ea Jesu e tlase, le ho bolela ka nyeliso hore lapa la bo ke la bofutsana, le tlase. “Boipolelo ba ‘metli enoa oa lifate, ea sa rutehang,” ba rialo, “ha bo hloke hore re bo mamele.” Ka lebaka la tlhaho ea Hae e sa utloisisoeng ba Mo kobisa ka hore ke ea botsoaluoa bo belaetsang.EN 259.5

    Jesu ha A ka leka ho hlalosa sephiri sa tsoalo ea Hae, joalekaha A sa ka A arabela lipotso tse amanang le ho tšela leoatle ha Hae. O ne A ile A ithaopa ho se itumise ‘me A nka sebōpeho sa mohlanka. Empa mantsoe a Hae le mesebetsi tsa senola semelo sa Hae.EN 260.1

    Mohono oa Bafarisi o ne o tsoaloa ke bokhopo ba lipelo tsa bona. Lentsoe le leng le le leng le ketso e ‘ngoe le e ‘ngoe tsa Jesu tsa tsosa bohanyetsi ho bona; kaha moea oo ba neng ba ipoloketse oona o ne o hanana le oa Hae. “Ha ho ea ka tlang ho ‘na, haese ha Ntate ea nthōmileng A ka mo hohela....Ho ngotsoe ho Baporofeta, ho thoe: ‘Bohle ba tla rutoa ke Molimo.’ E mong le e mong ea utloileng le ho ithuta ho Ntate o tla ho ‘na.” Le ka mohla ha ho ea tla tla ho Kreste, haese bao ba tla arabela ka ho amohela lerato la Ntate. Empa Molimo O hulela lipelo tsohle ho Oona, ‘me ke feela ba hanyetsang katametso ea Hae ba tla latola ho tla ho Kreste. Bao ba ithutileng ka Molimo ba ile ba mamela Mor’a oa Oona, ‘me ho Jesu oa Nazaretha ba ka tseba Ea boletseng Ntate.EN 260.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents