Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Johanne O Supisa Balateli Ba Hae Ho Jesu

    Ka letsatsi le hlahlamang, barutuoa ba babeli ba le pel’a hae, Johanne a boela a bona Jesu. Hape sefahleho sa moporofeta sa khanya ha a hoeletsa a re, ‘’Bonang Konyana ea Molimo!” Barutuoa ba ne ba sa utloisise. Ebe moelelo oa lebitso lee leo a neng a le filoe ke Johanne le reng “Konyana ea Molimo” ke ofe?EN 86.6

    Ba siea Johanne, ‘me ba ea batla Jesu. E mong e ne e le Andrease, ngoan’abo Simone Petrose; e mong e le Johanne ea ngotseng buka ea evangeli. Bana e bile bona barutuoa ba pele ba Kreste. Ba ile ba latela Jesu -ba lakatsa ho bua le Eena, empa ba ntse ba ‘nahana ka ho thōla le tšabo. Ba ne ba ipotsa, “Eo na ke Eena Mesia?”EN 86.7

    Jesu O ne A tseba hore bano ba babeli ba a Mo latela. E ne e le litholoana tsa pele tsa bosebeletsi ba Hae, ‘me Moruti enoa oa leholimo O ne A tletse thabo ha meea ena e amohela mohau oa Hae. O ile A hetla ‘me A botsa A re, “Le batla’ng?”EN 87.1

    Ba araba ba re, “Rabbi, (ke ho re: Moruti): U lula kae?” Puisanong eo e khutšoanyane pel’a tsela, ba ne ba ke ke ba fumana seo ba se batlang. Ba ne ba lakatsa ho buisana le Jesu, le ho utloa mantsoe a Hae boinotšing.EN 87.2

    “A re ho bona: Tloong, le bone. Ba ea, ba bona moo a lulang teng, ‘me ba hlola le eena letsatsi leo.”EN 87.3

    Hoja Johanne le Andrease ba ne ba hloka tumelo joaloka baprista le babusi, ba ka be ba sa ka ba ithuta, empa ba ka be ba fetohile banyefoli, ba ahlolang mantsoe a Hae. Empa ka hobane ba ile ba amohela pitso ea Moea o Halalelang ha Johanne Mokolobetsi a ntse a ruta, ba ile ba tseba ho elelloa Moruti oa leholimo. Ho bona, mantsoe A Jesu a ne a le matle, a nchafatsa. Khanya ea leholimo e ile ea bonesa Mangolo a Testamente ea Khale, ‘me ‘nete ea hlaka.EN 87.4

    Morutuoa enoa, Johanne, e ne e le monna ea nang le cheseho, le lerato le tebileng, ea nang le thahasello, empa ea inahanang. O ne a qalile ho bona “tlōtla e kang eo Mora ea tsoetsoeng a ‘notši a e fumaneng ho Ntate.” Johanne 1:14.EN 87.5

    Andrease o ne a batla ho arolela ba bang thabo e neng e tletse ka pelong ea hae. O ile a batla ngoan’abo, ‘me ha a mo fumane, a hōoa a re “Re fumane Mesia.” Simone le eena o ne a ile a mamela thuto ea Johanne Mokolobetsi ‘me a potlakela ho Mopholosi. Kreste O ile A talimela pele, ‘me A bona semelo sa Simone le pale ea bophelo ba hae. Ho hloka boinahano ha hae, pelo ea hae e tletseng mohau le lerato, ho itšepa le ho lakatsa lintho tse kholo, ho oa ha hae le ho baka, mosebetsi oa hae, le lefu la hae la boshoela-tumemo — tsena tsohle Mopholosi A li bona. A re “U Simone, mor’a Johanne; u tla bitsoa Kefase, ke ho re: Petrose.”EN 87.6

    “Ka la hosasane Jesu...a fumana Filipi. A re ho eena: Ntatele!” Filipi a amohela memo eo, ‘me a fetoha mosebeletsi oa Kreste.EN 87.7

    Filipi a bitsa Nathanaele, ea neng a le teng ha Mokolobetsi a supa Jesu, a re ke Konyana ea Molimo. Ha Nathanaele a sheba Jesu, a khathala matla. Ebe Eo, ea bonahalang A sotlehile ‘me A fumanehile, e ka ba Mesia? Empa o ne a khotsoe molaetsa oa Johanne.EN 88.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents