Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 8—LEETO LA PASEKA

    [E itšetlehile ka buka ea Luka 2:41-51.]

    Hara Bajuda selemo sa leshome le metso e ‘meli e ne e le sona se arolang bongoana ho bocha. Ho ea ka moetlo ona, ha A fihletse lilemo tseo tse hlokahalang, Jesu A nka leeto ho ea Jerusalema, pasekeng, le Josefa le Maria.EN 46.1

    Leeto le tlohang Galelea le ne le nka matsatsi a ‘maloa, ‘me batsamai ba ne ba kopana ka lihlopha tse kholo sebakeng sa ho tsamaisana-’moho le sebakeng sa tšireletso. Basali le banna-baholo ba ne ba kalama likariki kapa lipokola, litseleng tse methèo, tse majoe. Banna ba matla le bacha ba ne ba tsamaea ka maoto. Naha eohle e ne e khabile ka lipalesa ‘me e natefisoa ke lipina tsa linonyana. Tseleng, bo-ntate le bo-’me ba ne ba phetela bana ba bona ka mehlolo eo Molimo O e etselitseng batho ba ‘Ona mengoaheng e fitileng. Ba ne ba bina ba etsa mehoo.EN 46.2

    Poloko ea Paseka e qalile nakong eo sechaba sa Baheberu se neng se qaleha. Bosiung ba ho qetela kholehong ea bona Egepeta, Molimo A laela Baheberu ho bokella malapa a bona ka matlung a bona. Ha ba qeta ho fafatsa menyako ea mamati ka mali a konyana e hlabiloeng, ba ne ba tšoanela ho ja nama ea eona e besitsoe, ka bohobe bo sa lomosoang le litlama tse babang. “Ke eona Paseka ea Morena.” Phallo 12:11. Hara khitla ea bosiu matsibolo ‘ohle a Egepeta a bolaoa. Eaba Baheberu ba tloha Egepeta e le sechaba se lokolohileng. Ho tloha molokong ho isa molokong o mong pale ena e makatsang ea ho tsoa litlamong e ne e lokela ho phetoaphetoa.EN 46.3

    Paseka e ne e lateloa ke mokete oa matsatsi a supileng oa mahobe a sa lomosoang. Litšebeletso kaofela tsa mokete ona e ne e le tšoantšiso ea mosebetsi oa Kreste. Konyana e hlabiloeng, bohobe bo sa lomosoang, ngata ea lilopotsiea kaofela li ne li emetse Mopholosi. Empa ho batho ba bangata, mehleng ea Kreste, mokete ona o ne o se o hloka moelelo ke ho etsoa ntho ea moetlo feela. Ho Mor’a Molimo tšebeletso ena e ne e e-na le moelelo o mokaakang!EN 46.4

    E ne e le khetlo la pele ngoana Jesu A bona tempele. A bona baprista ba apereng liaparo tse tšoeu ba etsa litšebeletso tsa boruti tse mahlonoko, konyana e lutlang mali e le holim’a aletare ea sehlabelo. A bona tšebeletso e mahlonoko ea paseka e hapang maikutlo. Letsatsi le letsatsi ha A bona tsebeletso ena moelelo oa eona oa hlaka ho feta. Ketsahalo e ‘ngoe le e ‘ngoe ea bonahala e tlamahana le bophelo ba Hae. Maiphihlelo a macha a tsosolosoa kahare ho Eena. Ha A ntse a thotse, O ne A bonahala A ithuta bothatahali bo boholo. Sephiri sa borōmuoa ba Hae se ile sa senoleloa Mopholosi.EN 47.1

    Maikutlo a Hae a ne hapehile haholo ke litšebeletso tsena, hoo ha li fela A ileng A ‘na A ea holimo le tlase ka liphapusing tsa tempele, ‘me ha ba tlileng moketeng ba tloha Jerusalema A ileng A salla ka tempeleng.EN 47.2

    Leetong lena la ho tla Jerusalema e ne e le takatso ea batsoali ba Jesu ho Mo tlisa hore A tlo tseba baruti ba baholo ba Iseraele. Ba ne ba hopola hore mohlomong A ka qala hore A hlomphe litichere tsena tse rutehileng, ‘me A e le hloko lithuto tsa bona. Ka mane ka tempeleng Jesu O ile A rutoa ke Molimo. Seo A ileng a se rutoa, A qala ho se bolela hang-hang.EN 47.3

    Kamore e kopaneng le tempele e ne e khethetsoe sekolo se halalelang. Ngoana Jesu A kena ka kamoreng eo, ‘me A lula maotong a borabbi ba rutehileng. Eaba e mong ea batlang tsebo,O botsa baruti bana ka tse amang boporofeta le liketsahalo tsa mehla eo tse neng li supa ho tla ha Mesia.EN 47.4

    Lipotso tsa Hae li ne li ba lebisa ka linneteng tse tebileng, tseo esaleng li sirela, feela e le tsa bohlokoa topollong. Ka lipotso tseo tsa Hae A ba bontša, ka makhethe, kamoo tsebo ea bona eo ba reng ba bohlale e leng nyenyane kateng, empa A bile A tlisa moelelo o mocha litabeng tseo A libotsang. Baruti ba ne ba supa kamoo sechaba sa Bajuda se tla phahama kateng ha Mesia A fihla, empa Jesu A supa boporofeta ba Esaea, ‘me A ba botsa hore na mangolo ao a halalelang a bolelang ha a re Konyana ea Molimo a tla utloisoa bohlōkō; ebe e bolaoe. Sheba Esaea 53.EN 47.5

    Lingaka tsena tsa barutehi tsa reteleha ka ho Eena ho ‘motsa lipotso, ‘me tsa makatsoa ke likarabo tsa Hae. Ka boikokobetso ba ngoana, A fa ka mantsoe a tsoang Ma-ngolong a Halalelang moelelo le hlaloso e tebileng eo banna ba bohlale ba neng ba e-so ka ba e utloa pele ho mona. Hoja taba eo A neng A e hlalose e ne e kile ea lateloa e ka be e ile ea tlisa phetoho bolumeling ba nako eo; ‘me e ne etlare ha Jesu A qala borōmuoa ba Hae ba bangata ba be ba itokiselitse ho Mo amohela.EN 48.1

    Moshanyaneng enoa ea nahanang ka ho teba, oa Mogalelea baruti ba lemoha motho ea tšepisang haholo. Ba ne ba batla hore ba hle ba Mo ise likolong, A rutoe ke bona. Ba re, “kelello e tsebang ho iphumanela lintho joaleka ena e lokela ho ba tlas’a tataiso ea bona.”EN 48.2

    Mantsoe a Jesu a sisinya lipelo tsa bona ka tsela eo ba neng ba e-so sisinngoe ke lipuo tse tsoang molomong oa motho pele. Molimo O ne O leka ho fana ka leseli ho baetapele bao. Hoja Jesu O ne A ile A leka ho ba ruta, ba ka be ba ile ba nyefola, eaba ha ba Mo mamele. Empa ba etsa eka ba A Mo ruta kapa ba hlahloba tsebo ea Hae ea Mangolo a Halalelang. Boikokobetso ba bocha le mohau o ho Jesu oa ba hlobolisa boikaketsi. Likelello tsa bona tsa bulehela lentsoe la Molimo, ‘me Moea o Halalelang Oa buisana le lipelo tsa bona.EN 48.3

    Ba ile ba bona hore tebello eo ba lebelletseng Mesia ka eona ha e tšehetsoe ke boporofeta, empa ba ne ba sa lumele hore ha ba ea utloisisa Mangolo ao ba reng ba a ruta.EN 48.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents