Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Monna Ea Hlahileng E Le Sefofu

    “Ha Jesu a feta, a bona monna ea tsoetsoeng e le sefofu. Barutuoa ba hae ba ‘motsa, ba re: ‘Rabbi, ea entseng sebe ke mang, ke eena, kapa ke batsoali ba hae, ha e le moo a tsoetsoe a foufetse?’ Jesu a araba a re: ‘Hase eena ea entseng sebe, leha e le batsoali ba hae, empa e le hore mesebetsi ea Molimo e bonahale ho eena’....Ha buile tsena, a tšoela fatše, a luba seretse ka mathe, a tlotsa mahlo a sefofu ka sona, ‘me a re ho sona: ‘E-ea u iphotle letšeng la Silōoame’ ke ho re: Morōmuoa. Sa ea, sa iphotla, sa khutla se bona.”EN 320.5

    E ne e le tumelo e tloaelehileng har’a Bajuda, hore kahlōlo ea sebe e hlaha bophelong bona bona. Satane, eo e leng moqapi oa sebe le litholoana tsa sona, o ratile batho hore ba bone ho kula le lefu e le lintho tse tsoang ho Molimo. Motho ha a oetsoe ke mahlomola a maholo, o ne a jarisoa molato oa hore ke moetsalibe e moholo. Ka mokhoa oona, Bajuda ba ne ba betleloa tsela ea ho lahla Jesu. Eena “o ipelesitse mahlōkō a rōna, maloetsi a rōna le ‘ona a inkela ‘ona,” empa Bajuda ba Mo lekantse hoba “e le ea otloang, ea shapuoang, le ho hlōkōfatsoa ke Molimo,” le eo batho “ba tšabang ho mo talima.” Esaea 53:4,3.EN 320.6

    Barutuoa ba Kreste, ba ne ba tšoere tumelo ea Bajuda malebana le likamano tsa sebe le ho kula. Hoba A tlotse mahlo a monna oa sefofu, Jesu A mo rōma ho ea iphotla letšeng la Silōoame, ‘me motho eo a bona. Jesu A arabela potso ea barutuoa ka liketso. Barutuoa ba ne ba sa lōkela ho botsana tsa hore na ke mang ea entseng sebe, kapa ke mang ea sa se etsang, empa ba ne ba lōkela hore ba utloisise mohau oa Molimo, ka ho neha sefofu pono. Ho ne ho se matla a pholiso seretseng seo, empa matla a ne a le ho Kreste.EN 321.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents