Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 62—MARIA O TLOTSA JESU

    [Khaolo ena e itšetlehile ka Matheu 26:6-13, Mareka 14:3-11, Luka 7:36-50, Johanne 11:55-57; 12:1-11.]

    Simone oa Bethania e ne e le e mong oa Bafarisi ba seng ba kae ba ileng ba latela Jesu ka ho otloloha. O ne a tšepile hore mohlomong Jesu ke Mesia empa o ne a sa Mo amohela e le Mopholosi. Semelo sa hae se ne se sa fetoha, melao eo a ipapisitseng ka eona bophelong ba hae e ne e sa fetoha.EN 372.1

    Simone o ne a ile a phekoloa lepera, ‘me a laba-labela ho bontša teboho ea hae. Ha Kreste A ne a etetse motseng oa Bethania lekhetlo la ho qetela, Simone a etsa mokete bakeng sa Hae le barutuoa ba Hae. Mokete oo oa kopanya Bajuda ba bangata ba neng ba ntse ba shebile metsamao ea Jesu, ebile ba bang e le ba hlokang setsoalle.EN 372.2

    Joalokaha e ne e le tloaelo ea Hae, Mopholosi O ile A phomola lapeng la Lasaro. Batho ba bangata ba ea Bethania, ba bang ba tlisoa ke ho hauhela Jesu, ha ba bang ba tlile ho tla bona ea tsositsoeng bafung. Lasaro o ne a paka ka kholiseho le matla, hore Jesu ke Mora oa Molimo.EN 372.3

    Batho ba ne ba chesehela ho bona hore na Lasaro o tla felehetsa Jesu ho ea Jerusalema le hore na moporofeta enoa o tla roesoa moqhaka oa borena moketeng oa Paseka. Baprista le babusi ba ne ba sitoa ho mamella halelele, hore ba fumane monyetla oa ho tlosa Jesu tseleng ea bona ba Mo tlosetse ruri. Ba hopola hore O ile A nyopisa merero ea bona ea polao ka makhetlo, ‘me ba tšoha hore mohlomong O tla ba sieo moketeng. Ba botsana ba re, “Le hopola joang? Ebe a ke ke a tla moketeng na?”EN 372.4

    Lekhotla la bokana. Ho tloha mohla tsoho ea Lasaro batho ba ne ba utloisisa Kreste hoo ha ba ne ba ka leka ho Mo koetela pepeneneng ba neng ba ka ba kotsing. Joale ba boholong ba rera ho Mo nka ka lekunutu ‘me ba Mo qose ka lenyele. Ba tšepile hore hang ha tsuo ea Hae e phatlalla, sechaba, ka maikutlo a sona a sa tsitsang, se tla ba ka lehlakoreng la bona.EN 372.5

    Empa ha feela Lasaro a ntse a phela, baprista le baruti ba tseba hoba litaba li ke ke tsa lōka. Boteng ba motho ea bileng lebitleng matsatsi a mane, ‘me a tsosoa ke lentsoe la Jesu, ho ka baka pherekano. Batho ba ka iphetetsa ho baetapele ba bona ha ba ka felisa bophelo ba Ea tsebang ho etsa mohlolo o joalo. Lekhotla la puso la Bajuda, la etsa qeto ea hore e ka khona Lasaro le eena a bolaoe.EN 373.1

    Ha morero ona o ntse o tsoela pele mane Jerusalema, Jesu le metsoalle ea Hae ba ne ba menngoe moketeng ha Simone. Ha ba le tafoleng, Simone a lula ka lehlakoreng le leng ho Mopholosi ‘me Lasaro a ba ka ho le leng. Maretha a lōkisa lijo, haele Maria, o ne a mametse ka hlōkō mantsoe ‘ohle a tsoang molomong oa Jesu. Jesu, ka mohau oa Hae, O ne A ile A mo tšoarela libe tsa hae ‘me A tsosa khaitseli ea hae Lasaro lebitleng, ‘me pelo ea Maria e ne e tletse teboho. O ne a ile a utloa ha Jesu A bolela ka tsa lefu la hae, ‘me o ne a laba-labela ho mo bontša hlompho pele ho nako eo.EN 373.2

    Ka boitelo bo boholo, Maria o ne a ile a reka pitsana ea “setlolo sa nareta ea sebele se theko e phahameng,” seo a neng a tla tlotsa ‘mele oa Jesu ka sona. Empa ha joale ba bangata ba ne ba bolela hore haufi Jesu O tla beoa botlotlehing. Masoabi a hae a fetoha thabo, ‘me a laba-labela ho ba oa pele ho tlotlisa Morena oa hae. A bolaea pitsa ea alebastera, a tšela setlolo hloohong le maotong a Jesu; ‘me a khumama maotong a Hae a ntse a lla, a qala ho Mo kolobisa maoto ka meokho ea hae, a ntoo a hlakola ka moriri oa hlooho ea hae o molelele. Mohlomong liketso tsena tsa hae li ka be li sa hlokomeleha, empa monko o monate oa setlolo o ile oa tlala ntlo, ‘me hoo ha phatlalatsa ketso eo ea hae ho bohle ba neng ba le teng.EN 373.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents