Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kreste Ke Lefika

    Moshe o ne a ile a supa Lefika la poloko ea Iseraele. Talima Lipolelo 32:4. Mopesalema a na a bina ka “lefika la ka le pholoho.” Pesalema 62:7. Esaea o ne a ngotse a re, “Kahoo Morena o bua tjena: ‘Ke bea lejoe le mothèo Sione, lejoe le lekiloeng,...la mothèo.” Esaea 28:16. Petrose eena o lebisa boporofeta bona ho Jesu. “Ha feela le latsoitse molemo oa Morena. Tloong ho eo e leng lejoe le phelang, le lahliloeng ke batho, e le la bohlokoa. Tloong le le majoe a phelang, a sebelisoang ho haha tempele ea moea.” I Petrose 2:3-5. “Ha ho ea ka etsang mothèo o mong kantle ho o seng o le teng, e leng Jesu Kreste.” I Bakorinthe 3:11. “Ka holim’a lefika leo,” Jesu O thehile kereke ea Hae holim’a Lefika le phelang eleng -Boeena. ‘Mèlè oa Hae Sebele, o pshatlehile ‘me oa tetetsoa bakeng sa rōna. Kereke e hahiloeng mothèong ona likhoro tsa qalo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla ha li e loantša.EN 281.4

    Ha Kreste A ne A bua mantsoe ana kereke e ne e bonahala e fokola hakaakang! Balumeli e ne e le sehlotšoana feela, bao matla a bademona le batho a neng a tla lebisoa ho bona; leha ho le joalo ba ne ba sa tšoanela ho tšaba; ba ne ba ke ke ba hloloa.EN 281.5

    Petrose o ne a boletse ka ho hlaka ‘nete eo e leng mothèo oa tumelo ea Kereke, ‘me Jesu joale A mo hlompha e le moemeli oa sehlopha sa balumeli. “Ke tla u nea linotlolo tsa ‘Muso oa maholimo: seo u se tlamang lefatseng se tla tlangoa leholimong, ‘me seo u se lokollang lefatseng se tla lokolloa leholimong.”EN 282.1

    “Linotlolo tsa ‘Muso oa maholimo” ke mantsoe a Kreste. Mantsoe ohle a Lengolo le Halalelang ke a Hae. Mantsoe ana a na le matla a ho bula le ho koala leholimo. Mosebetsi oa bao ba rutang Lentsoe la Molimo e kaba tsela ea bophelo bo isang bophelong kapa lefu le isang lefung.EN 282.2

    Mopholosi H’a ka bea mosebetsi oa evangeli ho Petrose a le mong. Hamorao, ha A pheta mantsoe ao A a buileng ho Petrose, O ile A a tobisa ho kereke le ho ba Leshome le metso e ‘Meli lebitsong la balumeli bohle. Haeba Jesu A ne A neelane ka matla a ikhethang ho morutuoa a le mong kaholim’a ba bang, re ka be re sa fumane ba ntse ba tsekisana hore na ea tla ba moholo har’a bona ke mang. Ba ka be ba hlonephile ea khethiloeng. Bakeng sa ho thonya eo e tla ba hlooho ea bona, Kreste A re, “Le se ke la bitsoa ‘Moruti.’” “Le se ke la bitsoa ‘Batsamaisi,’ hobane le na le Motsamaisi a le mong, e leng Kreste.” Matheu 23:8,10.EN 282.3

    “Kreste ke hlooho ea monna e mong le e mong.” Molimo, O beileng lintho tsohle katlas’a maoto a Mopholosi, O ile A ‘mea holim’a tsohle, o mo entse hlooho ea kereke, eo e leng ‘mele oa hae, o phelisoang ke eena ka ho tlala, eena ea phelisoang ke Molimo ka ho tlala.I Bakorinthe 11:3; Baefese 1:22,23. Kereke e hahiloe holim’a Kreste e le mothèo ea eona. Ha ea itšoarella ka motho leha e le ho tsamaisoa ke motho. Ba bangata ba bolelisa hore boemo boo ba bo filoeng ka kerekeng bo ba nea matla a ho laela seo batho ba bang ba lokelang ho se etsa. Mopholosi O bolela hore “Bohle le bana ba motho.” Matheu 23:8. Re ke ke ra itšetleha mothong ea shoang hore a re tsamaise. Lefika la tumelo ke boteng bo phelang ba Kreste ka kerekeng. Bao ba ikhopolang ba le matla ka ho fetisisa ba tla iphumana ba fokola ka ho fetisisa ha feela ba sa etse Kreste bohlale ba bona. Talima Jeremia 17:5; Pesalema 2:12.EN 282.4

    Jesu A laela barutuoa ho se bolelle motho hore ke Kreste. Batho, esita le barutuoa, ba ne ba na le kutloisiso e fosahetseng ka Mesia hoo ho Mo tumisa pontšeng ho neng ho ke ke hoa ba nea ‘nete ea semelo kapa mosebetsi oa Hae.EN 283.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents