Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 21—TSA BETHESTHA LE LEKHOTLA LA SANHEDRINE

    [E itšetlehile ka Johanne khaolo ea 5.]

    Moo Jerusalema, haufi le Khoro ea Linku, ho na le letšana, le bitsoang Bethestha ka Seheberu, le nang le mathule a mahlano. Tlas’a ‘ona ho ne ho paqama bakuli ba bangata; lifofu, le liritsa, le ba shoeleng litho.”EN 129.1

    Ka linako tse khethehileng tsa selemo, metsi a letšana lena a ne a fuluhuoa ‘me ho ne ho lumeloa hore hoo ke mohlolo o khethehileng, ‘me motho ea neng a ka kena ka metsing ao pele ho ba bang, o ne a phekoleha lefu lefe kapa lefe leo ebang le ne le mo tšoere. Batho ba baloang ka makholo ba kulang ba ne ba bokana moo, ‘me ebe letšoele le lengata hoo ha metsi a fuluhuoa ba neng ba sutumetsana, ‘me banna le basali le bana ba fokolang ba hatakeloe ka maoto. Ba bangata ba ileng ba atleha ho fihla letšeng, ba ne ba shoela lintšing tsa lona. Ho ne ho ahiloe mathule a ho itšireletsa moo. Ba bang ba kulang ba ne ba robala mathuleng ao, ebe ba ntse ba hahabella lintšing tsa letša ka letsatsi le letsatsi, ka tšepo ea ho fumana pholiso.EN 129.2

    Jesu O ne A le Jerusalema hape. O ne A tsamaea A le mong, A bonahala eka O imametse ebile oa rapela. A fihla letšeng. Eitse ha A bona bakuli bao ba hlomolang pelo, A lakatsa ho sebelisa matla A Hae A ho phekola, e le hore mokuli e mong le e mong a fole. Empa e ne e le letsatsi la Sabatha, ‘me A tseba hore ketso ea ho folisa e tla halefisa Bajuda haholo hoo ba neng ba ka Mo khutsufaletsa nako ea ho phetha mosebetsi oa Hae.EN 129.3

    Leha ho le joalo, Mopholosi O ile A bona e mong oa bakuli, ea neng a hlomola pelo ka ho fetisisa, e leng monna eo e ne e le seqhoala ka lilemo tsa mashome a mararo a metso e robeli. Lefu la hae ho no ho lumeloa hore ke kahlolo e tsoang ho Molimo. Mokuli enoa o ne a phetse lilemo tse ngata tsa masisa-pelo, a hloka oa habo, a hloka motsoalle, ‘me a ikutloa hore o koaletsoe kantle ho mohau oa Molimo. E ne e re ha nako ea ho fuluha metsi e atamela, batho ba neng ba mo utloela bohlōkō, ba ne ba mo nka ba mo behe mathuleng. Empa ka nako eo e khethehileng, ha letša le fuluhuoa e be o hloka motho ea mo thusang hore a kene ka har’a lona. O ne a anela ho bona ha metsi a hlokoleha, ebe o sitoa ho kena ka har’a letša, a mpe a fihle lintšing tsa lona feela. Boiteko ba hae ba nako e telele, le ho hloka katleho ka nako eo eohle, li ne li mo fokolisa ‘meleng haholo.EN 130.1

    Monna enoa ea kulang o ne a ntse a sekame moalong oa hae, ha sefahleho se nang le kutloelo-bohlōkō se inamela ho eena. A hapjoa mikutlo ke mantsoe a tletseng tšepo, a reng, “Na u rata ho fola?” A utloa hore ho na le monyetla oa hore a ka fumana thuso. Empa tlhase eo ea tšepo ea phakisa ea tima. A hopola hore o lekile ka makhetlo a mangata ho kena ka letšeng. A araba, a re, “Monghali, ha ke na motho ea nkenyang letšaneng ha metsi a fuluhuoa; e ee ere ke sa ea, e mong a theohele pele ho ‘na.”EN 130.2

    Jesu ha A ka A kōpa mokuli enoa ho bontšahatsa tumelo ea hae ho Eena. A mpa A re ho eena, “Tsoha, nka liphate tsa hao, u tsamaee.” ‘Me tumelo ea monna eo ea itšoareletsa ka mantsoe ao. Eaba methapo ea hae kaofela le mesifa eohle ea litho tsa hae tse kokobaneng li tlala bophelo bo bocha. O ile a thapisa kelello ea hae hore e hlonephe Kreste, ‘me mesifa ea hae ea latela. A tlola ka maoto a hae, ‘me a iphumana e se e le monna ea matla.EN 130.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents