Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Kamoo Basebetsi Ba ‘Nete Ba Rupeloang

    Jesu O ile A khetha batsoasi ba lihlapi ba sa rutehang kahobane ba ne ba sa rutoa meetlo e fosahetseng ea nako eo. E ne e le banna ba nang le mekhoa ea bochaba ‘me ba ikokobelitse, ka hoo e le batho ba ka rutehang. Bophelong ba letsatsi le letsatsi, batho ba bangata ba ntse ba pota-pota ka mamello, ho phetha mesebetsi ea letsatsi, ba sa lemohe hore ba ruile matla ao, haeba a ka sebelisoa ka tšoanelo, a ka ba phahamisetsang boemong bo lekanang le ba banna bao lefatše le ba hlonephang haholo. Ho hlokahala hore ba tšoaroe ke letsoho le bohlale, ho tsosa matla ao a robetseng. Jesu O ile A bitsa banna ba mofuta o joalo ho ba basebetsi ‘moho le Eena. Ha barutuoa ba khutla thupelong ea Mopholosi, ba ne ba tšoana le Eena ka kelello le semelo.EN 162.4

    Mosebetsi o moholo oa thuto ke ho fana ka matla a phelisang, a fumanoang ka ho kopana ha kelello le kelello, le moea le moea. Ke bophelo feela bo ka fanang ka bophelo. Ba bile lehlohonolo hakaakang, bao ka lilemo tse tharo ba bileng le hona ho kopana le mong’a bophelo bo halalelang, ka letsatsi le letsatsi. Moapostola Johanne o re, “Mohaung oa hae o khaphatsehang, rona bohle re amohetse mohau holim’a mohau.” Johanne 1:16. Maphelo a banna bana, le limelo tseo ba bileng le tsona, le mosebetsi o moholo o phethiloeng ka bona, tsohle ke bopaki ba lintho tseo Molimo A ka li etsang ho bohle ba ikokobelitseng le ba rupelehang. Motho oa bohlokoa, ea behellang boeena kathoko, ‘me a bula pelo ea hae hore Moea o Halalelang o sebetse, ebile a phela bophelo bo inehetseng ho Molimo kahohle a ka sebelisoa boemong bofe kapa bofe. Haeba batho ba ka mamella khalemelo e lōkelang, Molimo O tla ba rupela nako le nako. O nka batho ba le joalokaha A ba fumane, ebe O ba rupella tšebetsong ea Hae, ha feela ba inehetse ho Eena. Moea oa Molimo, ha O amohetsoe ka pelong O tla tsosolosa matla a oona kaofela. Kelello e inehetseng ho Molimo ka botlalo, e hola kaofela ha eona, ‘me ea matlafatsoa hore e utloisise e be e phethe tsohle tseo A li hlokang. Semelo se fokolang sea matlafala.EN 163.1

    Boinehelo bo sa khaotseng bo aha kamano e tiileng pakeng tsa Jesu le morutuoa oa Hae, ‘me joale Mokreste a tšoane le Eena ka kelello le ka semelo. O tla ba le kutloisiso e hlakileng e pharaletseng, tlhalohanyo ea hae e tla ba e tebileng le kahlōlo ea hae e be e lekaneng. O tla ba le hona ho beha litholoana tse ngata tse isang khanya ho Molimo. Bakreste ba maphelo a ikokobelitseng, ba fumane thuto sekolong sa phahameng ho feta tsohle. Ba ile ba lula maotong a Motho eo ho seng “motho ea kileng a bua joaloka” eena. Johanne 7:46.EN 163.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents