Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Se Tsoanelang Ho Etsuoa Ha Litlhoriso Li Fihla

    Barutuoa ba Kreste ba ne ba tla ekoa le ke ba amanang le bona malapeng: “Le tla hlouoa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ea tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholosoa.” Empa o ile a ba laea hore ba se ke ba inehella ho hlorisoa, ha ho sa hlokahale. Eena ka bo-Eena, O na A ee A tlohe sebakeng se seng sa mosebetsi A ee ho se seng, e le ho balehela bao ba batlang ho felisa bophelo ba Hae. Ka mokhoa o joalo basebeletsi ba Hae, ba ne ba sa tšoanela ho khathatsoa matla ke litlhoriso, empa ba ne ba tšoanetse ho ea sebakeng se sele, ho sebeletsa meea.EN 240.2

    Empa ho sa tsotellehe hore na kotsi ke ea mofuta ofe, balateli ba Kreste ba tšoanetse hore ba se ke ba ipata. Ha ba ea tšoanela hore ba emele hore ba tiisetsoe hore ba tla sireletsoa pele ba ka qala mosebetsi oa ho bolela ‘nete. Jesu O itse, “Seo ke le bolellang sona lefifing, le se phete leseling; seo le se utloang le se nyenyeletsoa, le se phatlalatse le le holim’a lihlōhlōlō.”EN 240.3

    Jesu ha A e-s’o rekise ka ‘nete. Pelo ea Hae e ne e tšoloha ke lerato la batho, empa O ne A sa ba khothaletse sebe. O ne A ba rata hoo A neng A ke ke A ba tlohella ho etsa lintho tse neng li ka felisa meea ea bona. O ile A sebetsa ka thata hore motho a tsebe ho ikemela, le ho emela lintho tse sa feleng. Basebeletsi ba Kreste, ba bilelitsoeng mosebetsing o tšoanang le ona, ba tšoanetse ho ela hlōkō hore esere ka ho leka ho qoba phapang, ba lahla ‘nete. Khotso ea ‘nete e ke ke ea fumanoa ka ho lahla melao. ‘Me ha ho motho ea ka emelang ‘nete a sa phephetse khanyetso. Jesu O ile A bolella barutuoa ba Hae A re, “Le se ke la tšaba ba bolaeang ‘mele, empa ba ke ke ba bolaea moea.” Ba tšoanetse ho tšaba feela hore esere ba koenehela ‘nete, ‘me ba senya ‘nete eo ba hlomphiloeng ka eona.EN 240.4

    Satane o sebeletsa ho tlatsa lipelo tsa batho ka pelaelo. O ba leka hore ba oele sebeng, ‘me ebe ba se ba ipona ba le litšila haholo hoo ba ke keng ba atamela Ntate ea maholimong. Morena O utloisisa tsena tsohle. Jesu O tiiselitse barutuoa ba Hae hore Molimo O mohau. O re ha ho mefehelo, kapa lehlaba kapa bohlōkō ba pelo tseo ba ka li utloang eaba Molimo ha O li utloe.EN 241.1

    Bibele e re bontša hore Molimo sebakeng sa ‘ona se halalelang, ha Oa lula O le mong, O khutsitse, empa O potapotiloe ke likete-kete tsa libōpuoa tse halalelang, tse emetseng ho etsa thato ea ‘ona. O na le likamano le likarolo tsohle tsa ‘muso oa Hae, ka mecha eo re sa e elelloeng, esita le lefatše lena la rōna. Molimo O inametse lefatšeng ho utloa sello sa ba hateletsoeng. O araba thapelo e ‘ngoe le e ‘ngoe e tsoang pelong, ka mantsoe ana, “ke ‘na enoa.” O phahamisa ba matšoenyehong le ba hatikeloang ka maoto. O rōmela lengeloi hore le be haufi ‘me le pholose nakong ea meleko, le mathata.EN 241.2

    Jesu O ile A tsoela pele A re: Ha le mpolela pela batho, le ‘na ke tla le bolela pela Molimo le mangeloi a halalelang. Le tšoanetse ho ba lipaki tsa ka lefatšeng, ‘me ‘Na Ke tla ba moemeli oa lōna leholimong. Molimo ha O talime limelo tsa lōna tse fosahetseng, empa O le bona le phethehile ka ‘na. ‘Me e mong le e mong ea nkang karolo sehlabelong sa Ka, bakeng sa ba lahlehileng, o tla nka karolo khanyeng le monyakeng oa ba pholositsoeng.EN 241.3

    Ea bolelang ka Jesu, o tšoanetse ho ba le Jesu ka hare ho eena. Leha barutuoa ba ka bua ka bokheleke ka lithuto tsa Kereke, empa ha ba se bonolo le lerato le joaleka la Kreste ha bo ‘Molele pel’a batho. Moea o khahlanong le moea oa Kreste oa mo latola. Batho ba ka latola Kreste ka ho bua hampe, ka ho bua ka booatla, ka ho bua mantsoe a senang ‘nete, a sa lokang. Ba ka Mo latola ka ho koekoetla meroalo ea bophelo, ka ho ikamahanya le lefatše, ka ho hloka hlompho, ka ho ikemela, ka ho belaela, le ho ikenya likhathatsong. “Empa ea ntatolang pel’a batho,le ‘na ke tla mo latola pel’a Ntate ea maholimong.”EN 241.4

    Mopholosi O itse, “ha kea tlisa khotso, ke tlisitse sabole.” Mefere-fere ha e tlisoe ke evangeli, empa ke hobane batho ba e loantsa. Litlhoriso tse boima ka ho fetisisa ke tse tsoang lapeng, ho furalloa ke metsoalle eo a e ratang ka ho fetisisa lefatseng. Empa Jesu O ile A re, “Ea ratang ntat’ae kapa ‘m’ae ho mpheta ha a ntōkele; ea ratang mora kapa morali ho mpheta ha a ntōkele, ‘me ea se nkeng sefapano sa hae a ntatela ha a ntōkele.”EN 242.1

    “Ea le amohelang oa nkamohela, ‘me ea nkamohelang o amohela ea nthomileng.” Molemo o mong le o mong o etsoang ka lebitso la Hae, o tla putsoa. O akaretsa ba fokolang le ba tlase, o re, “Ea fang e mong oa ba banyenyane bana mohope oa metsi a pholileng kahobane e le morutuoa, ruri kea le bolella, ha a ka ke a hloka moputso oa hae.”EN 242.2

    Jesu O ile A qetella joalo, ho laea barutuoa. Ba leshome le metso e ‘meli ba ile ba ea, joalokaha le Eena A ile A etsa joalo, “ho bolella mafutsana molaetsa o molemo, o nthometse ho phatlalletsa bathopuoa tsa tokoloho, le lifofu hore li tla tutuboloha, le ho lokolla ba hateletsoeng.” Luka 4:18.EN 242.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents