Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bophelo Lentsoeng

    Bophelo ba Kreste bo fanang bophelo ho lefatše bo lentsoeng la Hae. Ka lentsoe la Hae Jesu A phekola boloetse ‘me A leleka bademona; ka lentsoe la Hae A khutsisa leoatle ‘me O tsositse bafu. Bibele eohle ke ponahatso ea Kreste, ‘me Mopholosi A lakatsa ho tiisa tumelo ea balateli ba Hae holim’a lentsoe. Mohla ba seng ba sa ‘mone, lentsoe le lokela e be mohloli oa bona oa matla.EN 262.2

    Joalekaha bophelo ba rōna ba ‘mele bo tšehelitsoe ka lijo, ka mokhoa o tšoanang bophelo ba rōna ba moea bo tšehelitsoe ka Lentsoe la Molimo. Joalekaha re itjella ka bo-rōna ka mokhoa o joalo re lokela ho amohela lentsoe ka borōna. Re lokela ho ithuta Bibele ka hlōkō, re kōpe Molimo tlatsetso ea Moea o Halalelang, hore re utloisise Lentsoe la Oona. Re lokela ho nka temana e le ‘ngoe, re batlisise khopolo eo Molimo O re beetseng eona temaneng eo, ‘me re lule holim’a khopolo eo ho fihlela e e-ba ea rōna.EN 262.3

    Litšepisong le litemosong tsa Hae, Jesu O bolela ‘na. Molimo O ratile lefatše hakalo, O bile Oa le nea Mor’a oa Oona, hore ‘na ka ho lumela ho Eena, ke se ke ka timela, ke mpe ke be le bophelo bo sa feleng. Maiphihlelo a phetoang Lentsoeng la Molimo a lokela e be maphihlelo a ka. Thapelo le tšepiso ke tsa ka. “Ke thakhisitsoe le Kreste; kahoo bophelo boo ke bo phelang ha e sa le ba ka, empa e se e le ba Kreste ea phelang ka ho ‘na. Bophelo boo ke bo phelang lefatšcng joale, ke bo phela ka ho lumela ho Mora oa Molimo, ea nthatileng, ‘me a itella ‘na.” Bagalata 2:19,20. Ha tumelo le metheo ea ‘nete li tlamahana joalo li fetoha karolo ea boleng le se susumetsang matla a bophelo. Lentsoe le bōpa mehopolo ‘me le kena mothèong oa semelo.EN 262.4

    Molimo O tla tlisa tšenolelo tsa bohlokoa bathong ba Hae ba lapileng, ba nyoriloeng. Ha ba e-ja Lentsoe la Hae, ba fumana e le moea le bophelo. Lentsoe le timetsa tlhaho ea tlholeho ea sebōpeho sa lefatše, ‘me le fana ka bophelo bo bocha ho Kreste. Moea o Halalelang O tla E le Moemeli. Ka mohau oa Molimo, morutuoa o fetoha ‘mopuoa e mocha. Lerato le nka sebaka sa lehloeo, le pelo e amohela tšoano e joalo e tsoang ho Molimo. Hona ke ho ja Bohobe bo theohang leholimong.EN 263.1

    Kreste O ne A tsebile semelo sa bao ba bolelisang ho ba barutuoa ba Hae, ‘me mantsoe a Hae a nonya tumelo ea bona. A bolela hore ba loketse ho kholoa ‘me ba etse ho latela thuto ea Hae ‘me ba lumellane le semelo sa Hae. Hona ho akaretsa ho tela litakatso tse thahaselloang. Ho ne ho hloka boineelo bo phethahetseng ho Jesu. Ba ne ba bilelitsoe ho iketsa sehlabelo, ho ba mosa le boikokobetso pelong, ho tsamaea tseleng e tšesane e tsamailoeng ke Motho oa Gologotha.EN 263.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents