Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Bopaki Bo Matla Ka Ho Fetisisa

    Filipi ha a ka a kōpa Nathanaele ho amohela bopaki ba motho e mong. O ile a re a ichebele Kreste ka boeena. O mong oa mekhoa e atlehileng ka ho fetisisa ea ho hapela Jesu meea, ke ho bontša semelo sa Hae maphelong a rona. Batho ba ka ‘na ba hanana le bopaki ba rona ba mantsoe esita le boipiletso ba rona, empa ba sitoa ho hanyetsa bophelo bo tletseng lerato, bo hlokang boikhabo.EN 89.3

    Lentsoe la Molimo, ha le boleloa ke ea halalelitsoeng ke lona, le na le matla a fanang ka bophelo a hohelang ba le mametseng. Ea amohetseng ‘nete leratong, o phatlalatsa seo a se utloileng, seo a se boneng, le seo a se tšoereng sa lentsoe la bophelo. Bopaki ba Hae ke ‘nete, pelong e amohelang, ‘me bo tlisa khalaletso bophelong.EN 89.4

    Ea batlang ho tlisetsa ba bang leseli, le eena oa hlohonolofatsoa. “Ea fanang ka metsi le eena o tla a fuoa.” Maele 11:25. Hore re tle re kene thabong ea Kreste — thabo ea ho bona meea e pholosoa ka sehlabelo sa Hae -re tsoanetse ho nka karolo mosebetsing oa Hae oa ho pholosa ba bang.EN 89.5

    Tumelo e ileng ea bontšoa ke Nathanaele lekhetlo la pele e ile ea oela litsebeng tsa Jesu joalokaha e ka ke ‘mino. “Na u lumela kahobane ke u boleletse hore ke u bone tlas’a sefate sa feiee? U tla bona tse kholo ho feta tsena.” Mopholosi O ne A talimile pele ka thabo, ha A tla etsa mosebetsi oa Hae oa ho ruta litaba tse molemo ho ba bonolo, ho tlamella pelo tse hlomohileng, ho fa ba litlamong tsa Satane tōkōlōho. O ile A eketsa A re, “Kanete-nete, kea le bolella, le tla bona leholimo le bulehile, ‘me mangeloi a Molimo a nyoloha, a theohela holim’a Mor’a Motho.”EN 90.1

    Mona Kreste O bolela ho re, mabopong a nōka ea Jorodane, maholimo a ile a buloa, ‘me Moea oa theohela. Empa haeba u lumela ho ‘Na, tumelo ea hao e tla tsosolosoa. U tla lemoha ho re maholimo a butsoe, ‘me a ke ke a hlōla a koaloa. Ke u buletse ona. Mangeloi a Molimo a ea nyoloha, a nkile lithapelo tsa ba hlokang le ba matšoenyehong, ho li isa ho Ntate, holimo, ‘me a boele a theohe, ho tlisa tšepo, sebete le bophelo baneng ba batho.EN 90.2

    Mangeloi a ntse a feta ka linako tsohle, ho tloha lefatseng ho leba leholimong, le ho theoha leholimong ho ea lefatseng. Mahlohonolo ohle a tla ho rona, a tsoa ho Molimo, a tla ka Kreste, ka litšebeletso tsa baromuoa ba Hae ba leholimo. Ka ho nka botho, Mopholosi oa rona O ikopanya le bara le barali ba Adama ba oeleng, ka bo-Molimo ba Hae, O tšoara terone ea Molimo. EN 90.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents