Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Jesu O Hlalosa Mangolo Hona Hoo

    “A re ho bona: ‘Jo, lithoto tse pelo li liehang ho lumela tsohle tseo baporofeta ba ileng ba li bolela! Na Kreste o ne a sa tlameha ho hlōkōfatsoa tjee, a nt’o kena tlōtleng ea hae?”‘ Ebe Eo ke mang ea buang ka cheseho le mohau? Ba ile ba qala ho ikutloa ba tlala tšepo. Ba ne ba talima moeti enoa khafetsa, ka cheseho, ‘me ha fihla likelellong tsa bona hore mantsoe a Hae a tšoana hantle le ao Kreste A ka beng A a buile.EN 531.2

    Kreste O ile A ba hlalosetsa mangolo ka bophara, ka lintlha tse neng li Mo ama, ho tloha ho Moshe eena e leng qalo ea pale ea Bibele. Hoja A itšenola ho bona hore na ke mang, ba ka be ba ile ba lahleheloa ke takatso ea ho hlalosetsoa. Empa, ho ne ho le bohlokoa hore ba utloisise boporofeta ba Testamente ea Khale. Tumelo ea bona e ne e tšoanela ho thehoa holim’a bona. Kreste Ha A ka A etsa mohlolo ho ba kholisa hore na Ke mang, tšoanelo ea Hae ea pele e ne e le ho hlalosa mangolo. O ile A ba bontša boporofeteng hore lefu la Hae e ne e le bopaki bo matla tumelong ea bona.EN 531.3

    Jesu A bontša hore Testamente ea Khale e na le bohlokoa bo boholo ho Mo pakela, thōmong ea Hae. Testamente ea Khale e senola Mopholosi ka mokhoa o hlakileng joaloka e ncha. Leseli le hlahisoang ke boporofeta bo fetileng, le hlahisa bophelo ba Kreste le lithuto tsa Testamente e Ncha ka mokhoa o hlakileng, le bokhabane. Bopaki bo matla le ho feta mehlolo e entsoeng ke Kreste, bo fumanoa ka ho bapisa boporofeta ba Testamente ea Khale, le liketsahalo tsa Testamente e Ncha.EN 531.4

    Barutuoa ba ne ba lahlehile, ka ho lebella hore Mesia O tšoanetse ho lula teroneng A nke matla a borena, ho latela takatso ea batho. Barutuoa ba ne ba tšoanetse ho utloisisa hore O ne A khethetsoe ho noa mohope oa mahlomola. O ile a ba bontša hore ntoa ena e tšosang e ne e phethahatsa selekane se ileng sa etsoa pele lefatše le thehoa. Kreste O tšoanetse ho shoa, joalokaha e mong le e mong ea tlolang molao a tšoanetse ho shoa, ha feela a ntse a phela sebeng. Tsena tsohle li ne li tšoanetse ho phethahala, empa qetello e ne e tla ba tlhōlo e khanyang e seng ho hlōlela. Jesu O ile A ba hlalosetsa hore sohle se ka etsoang se tšoanetse ho etsoa, ho pholosa lefatše sebeng. Balateli ba Hae ba lokela ho phela bophelo bo tšoanang le ba Hae, ba sebetse joaloka Eena ka mamello.EN 532.1

    Kreste O ile a buisana le barutuoa ba Hae joalo hore ba utloisise Mangolo. Ha A ba hlalosetsa ka ho oa ha Jerusalema, ba ile ba talima motse oo o neng o tleloa ke tsietsi, ‘me ba lla. Empa le motsotsong ona ba ne ba ntse ba sa hlalohanye hore na Eo ba tsamaeang le eena ke mang, hobane Kreste O ne A ikhakantse. O ne A qoba majoe, tseleng, joaloka bona. E ne e re ha ba phomola le Eena A phomole.EN 532.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents