Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Petrose Oa Hlōloa

    Empa lekhabunyane le lebelang monyako la mo shebisisa. La hlokomela masoabi a sefahlehong sa hae, ‘me la nahana hore ke e mong oa barutuoa ba Jesu. La khalla ho tseba, ‘me la botsa, “Na uena ha u e mong oa barutuoa ba monna eo?” Petrose a tsieleha a ferekana; a iketsa ea sa utloisiseng se boleloang. Empa lekhabunyane la mo phehella. Petrose a tlameha ho araba, ‘me a re ka bohale, “Hela, mosali, ha ke mo tsebe!” Ena e ne e le tatōlo ea pele, ‘me hang mokōkō oa lla. Ka ho nka moea oa boiphapanyo, Petrose a fetoha phofu e bonolo ea moleko.EN 474.4

    A atameloa hape lekhetlo la bobeli, ‘me a hlalosoa e le e mong oa balateli ba Jesu. Petrose joale a bolela a bile a hlapanya a re, “Motho eo ha ke mo tsebe.” Ha feta nako e ka etsang hora, e mong oa habo motho eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe, a ‘motsa, “Na ha kea ka ka u bona u e-na le eena serapeng?” “Kannete u e mong oa bona, etsoe u Mogalelea.” Hona ha halefisa Petrose haholo. Petrose joale a latōla Morena oa hae ka mahlapa le ho ikana, e le ho leka ho tiisa thetso ea hae, ho tiisa sebōpeho sena ho ba ntseng ba ‘motsa lipotso. Mokōkō oa lla hape. Petrose a o utloa, ‘me a hopola mantsoe a Jesu, “Mokōkō ha o e-s’o lle habeli, u tla be u ntatōtse hararo.” Mareka 14:30.EN 474.5

    Eare litlhapanyo tse latōloang li sa le ncha molomong oa Petrose, le lentsoe la mokōkō le ntse le lla ka litsebeng tsa hae, Mopholosi A reteleha, A sheba hantle ka ho morutuoa oa Hae. Ka nako eona eo, mahlo a Petrose a sheba ho Mopholosi. Sefahlehong seo se bonolo a bona kutloelo-bohlōkō e tebileng le masoabi, empa ho se khalefo.EN 475.1

    Chebahalo ea sefahleho seo se mahlomoleng, le melomo e thothomelang, ea hlaba pelo ea hae joaloka lerumo. Petrose a hopola tšepiso ea hae ea nakoana e seng kae pele ho moo, ha Mopholosi A tla ‘molella hore o tla latōla Morena oa hae hararo ka bosiu bo le bong. Petrose joale a hlokomela hore Morena oa hae O ne A balile pelo ea hae hantle, ha eena a ne a sa tsebe bothetsi ba eona.EN 475.2

    Leqhubu la mehopolo la mo tsukutla. Kutloelobohlōkō ea Mopholosi, le mamello ea Hae -kaofela a li hopola. A hopola thetso ea hae ka ho nyaroha, le likano tsa hae tsa leshano. Hang hape, a bona letsoho le nyefolang tse halalelang, ha le phahama ho otla Morena oa hae sefahlehong. A sitoa ho mamella pono ena halelele, a potlaka, ka pelo e bohlōkō, a tsoa ka tlung eo.EN 475.3

    A tsamaea a le mong har’a lefifi, a sa tsebe, a bile a sa tsotella hore na o ea kae. Qetellong a iphumana a le Gethesemane. A hopola ka masoabi a bohlōkō hore Jesu O ile A hlomoha thapelong A inotši. A hopola keletso ea Hae e mahlonōkō, “Falimehang, ‘me le rapele, hore le se kene molekong.” Matheu 26:41. Hona ha thonkha pelo ea hae e lutlang mali, ha a hlokomela hore o ekelitse boima bo boholo holim’a mahlomola le tlontlollo ea Mopholosi. Petrose a oela fatše ka sefahleho, ‘me a itakaletsa ho shoa.EN 475.4

    Hoja nako ea ha ba serapeng, e bile ea ho falimeha le ho rapela, Petrose a ka be a sa sala a tšepile matla a hae a fokolang. A ka be a sa latōla Morena oa hae. Hoja barutuoa ba ile ba lebela le Kreste mahlomoleng a Hae, ba ka be ba ile ba lōkisetsoa ho boha mahlomola a Hae sefapanong. Kahar’a lefifi la nako ea teko e fetisisang, tšepo e ka be a khantšitse lefifi ‘me ea matlafatsa tumelo ea bona.EN 475.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents