Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ba Bangata Kajeno Ba Sitoa “Ho Bona” Kreste

    Ba bangata ho ba neng ba bokane Jorodane, ba ne ba le teng ha Jesu A kolobetsoa, empa letšoao le ileng la bontšoa mohlang oo, le ne le ile la bonoa ke ba fokolang feela. Likhoeling tse qalang, tsa boruti ba Mokolobetsi, ba bangata ba ne ba ile ba hana ho amohela pitso ea hore ba sokolohe. Ke ka hoo ba sa kang ba bona ha leholimo le etsa bopaki, ka Jesu, kolobetsong ea Hae. Mahlo a neng a sa ka a Mo sheba ka tumelo, ha a ka a bona tšenolo ea khanya ea Molimo; litsebe tse neng li e-so ka li Mo mamela, ha lia ka tsa utloa mantsoe a bopaki. Ho ntse ho le joalo le hona kajeno. Hangata Kreste le mangeloi a sebeletsang ba ba teng liphuthehong, empa ba bangata ha ba elelloe. Ha ba bone letho le sa tloaelehang. Empa ba bang ba senoleloa boteng ba Mopholosi, ‘me ba khothatsoa, ba hlohonolofatsoa.EN 84.3

    Barōmuoa ba tsoang Jerusalema, ba ne ba ile ba botsa Johanne ba re, “Ke’ng ha u kolobetsa?” ‘me ba ne ba emetse karabo ea hae. Hang ha a bona sechaba se moo, sefahleho sa khanya, ‘me a ameha haholo. A otlolla matsoho a hae, ‘me a hōoa a re, “‘Na ke kolobetsa ka metsi; har’a lona ho eme eo le sa mo tsebeng, ea tlang kamorao ho ‘na, eo ‘na ke sa lōkelang ho lōkōlla leqhoele la moqathatso oa hae.”EN 84.4

    Molaetsa ona o ne o utloahala, ‘me o tiile, e le o lōkelang ho khutlisetsoa lekhotleng. Mesia O ne A se A le har’a bona! Baprista le babusi ba ile ba qamaka ba maketse, empa eo Johanne a neng a bua ka Eena, O ne A se a ipatile har’a matšoele.EN 85.1

    Mohla Jesu A kolobetsoang, Johanne o ile a nahana mantsoe a Esaea a reng, “a qhōjoa sa konyana ha e isoa tlhabong.” Esaea 53:7. Libekeng tse latelang, Johanne o ile a ithuta boporofeta, le litšebeletso tsa sehlabelo ka thahasello. A elelloa ho re ho tla ha Kreste ho na le lebaka le leholo ho feta kamoo baprista le batho ba neng ba elelletsoe. Ha a bona Jesu A le har’a matšoele, ho khutleng ha Hae lehoatateng, a ema a lebelletse ho utloa Mopholosi A phatlalatsa tsa thōmo ea Hae; empa a se ke a utloa letho, a se ke a bona leha e le letšoao feela. Jesu ha A ka A araba ha Mokolobetsi a Mo tsebisa batho, empa A kena har’a barutuoa ba Johanne, A seke A etsa hore A bonoe.EN 85.2

    Ka letsatsi le hlahlamang Johanne a bona Jesu A e-tla A Mo lebile. Leseli la khanya ea Molimo le ne le lutse holim’a hae, ‘me moporofeta a otlolla matsoho a hae, a re, “Bonang Konyana ea Molimo e tlosang sebe sa lefatše! Empa le eena eo ke neng ke bua ka eena, ha ke re: Kamorao ho ‘na ho tla monna ea mphetang ka boholo, hobane o bile teng pele ho ‘na....Ke bone Moea o theoha leholimong o ka leeba, ‘me o lula holim’a hae....Ea nthōmileng ho kolobetsa ka metsi, o itse ho ‘na:...ke eena ea kolobetsang ka Moea o Halalelang.’ Le ‘na ke bone, ‘me ke pakilc hore enoa ke Mor’a Molimo.”EN 85.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents