Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Boithetso Ka Lebaka La Boikhabo

    Tomōso e sebetsa ka tsela e ke keng ea lemohuoa, e fetolele phofo bolenng ba eona e inotši. Ka tsela e tšoanang ha boikaketsi bo lumelloa pelong, bo thophothela semelo le bophelo. Mohlala o makatsang ebile oa tloaelo ea ho sebelisa Korobane, eo ka eona bohlasoa ba ho se e le hlōkō tšoanelo ea borapeli bo neng bo patoa. Ebe ho thoe motho o il’o fana tempeleng. Bangoli le Bafarisi ba ne ba pata tsekamelo ea sebele ea thuto tsa bona, ba li kenya ka masene kelellong tsa bamameli ba bona. Thuto ena ea thetso ea etsa hore batho ba thatafalloe ke ho amohela mantsoe a Kreste.EN 277.3

    Tsusumetso e joalo e ntse e sebetsa ho ba lekang ho hlalosa molao oa Molimo ho o etsa hore o lumellane le mekhoa ea bona. Sehlopha sena ha se loantše molao phatlalatsa, empa se hlahisa litlhaloso tseo ba inahanetseng tsona tse nyehlisang metheo ea ona. Ba o hlalosa ka tsela e etsang hore o felloe ke matla a ona.EN 277.4

    Boikaketsi ba Bafarisi ebile tholoana ea boipatlo. Hona ho entse hore ba khelose le ho sebelisa Mangolo ka phoso. Bokhopo bona bo masene esita le barutuoa ba Kreste ba ne ba le kotsing ea ho bo amohela. Balateli ba Jesu ba ne ba anngoe haholo ke mehopolo ea Bafarisi, hangata ba ne ba tsokotseha pakeng tsa tumelo le ho se lumele. Esita le barutuoa ka lipelong ba ne ba sa khaotsa ho ipatlela lintho tse kholo. Moea ona oa akofisa khang ea hore na ke mang ea lōkelang ho ba e moholo. Hona ha qephisa thahasello ea bona thomong ea Kreste ea boitelo. Joalekaha tomōso e bolisa, ka tsela e joalo moea oa boipatlo, ha u bōlōkiloe, o sebetsa tšilafalo le tšenyeho ea moea.EN 277.5

    Kajeno, joaleka khale, sebe sena se thetsang, se masene se atile hakaakang! Ke hangata ha kae tšebeletso ea rōna ho Kreste e senngoang ke takatso ea lekunutu ea ho ipahahamisa! Ho ratoa hakaakang ke batho ho ikotla sefuba le ho amohela thoriso! Boipatlo le ho lakatsa tsela e bobebe ho feta eo Molimo O e khethileng, li etsa hore batho ba behe lithuto tsa batho le taba tse neanoang sebakeng sa taelo tsa Molimo.EN 278.1

    Thuto ea Kreste ke ‘nete ka ho tlala. Ho chesehella tlotliso ea Molimo ke matla a tlisoang ke Moea o Halalelang, ‘me kematla a Molimo feela a ka lelekang boipatlo le boikaketsi. Phetoho e joalo ke pontšo ea tšebetso ea Hae. Ha tumelo eo re e amohelang e timetsa boithati le boiketsiso, ha e re tsamaisetsa ho batla tlotliso ea Molimo eseng ea rōna, re ka tseba hore ke e nepahetseng. “Ntate, tlotlisa lebitso la hao,” (Johanne 12:28) ena ebile sona sepheo se laolang bophelong ba Kreste, ‘me ha re Mo latela sena e tlaba se laolang maphelong a rōna.EN 278.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents