Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Pilato O Ne A Sa Hlokomele Se Tla Etsahala

    Pilato o ne a sa nahana hore ho ka qetella joalo. A tšaba ho nehela motho ea se nang molato, hore a bolaoe ka lefu le khopo ka ho fetisisa. “Empa o entse bobe bofe?” Empa litaba li ne li se li senyehile haholo, ho ne ho se nako ea ho buisana.EN 491.1

    Pilato a boela a leka ho pholosa Kreste. “A re ho bona khetlo la boraro: ‘Hobane’ng? O entse bobe bofe?” Empa ho bua ka tokollo ea Hae feela, ho ne ho hlakanya batho lihlooho. Ba hōeletsa haholo ho feta ba re, “Mo thakise, mo thakhise!”EN 491.2

    Jesu A shapuoa, A khathetse, A tletse maqeba, “eaba bahlabani ba isa Jesu kahare, lebaleng la ntlo ea bobusisi, me ba bitsa lebōtho lohle. Ba mo apesa seaparo se sefubelu, ba lōha mofapahlooho oa meutloa, ba mo roesa oona. Ba qala ho mo lumelisa, ba re: ‘Ahe! Khosi ea Bajuda!’ Ba...mo tsoela ka mathe, ba kōqama ka mangoele sa mokana ba mo khumamela....ba mo somile.” Ka nako e ‘ngoe letsoho le khopo le otle mofapahlooho, e be meutloa e kenella litlhafunelong, ‘me mali a keleketle sefahlehong.EN 491.3

    Sehlopha se hlakaneng lihlooho sa bokanela Mopholosi oa lefatše. Ho kopantsoe ho soma le ho phoqa, le tlhapanyo tsa bonyefoli. Satane o ne a tsamaisa sehlopha seo. Morero oa hae e ne e le ho qholotsa Mopholosi hore A iphetetse, haeba ho ka etsahala, kapa a Mo khannele hore A etse mohlolo oa ho itōkōlla. Ka letheba le le leng holim’a bophelo ba Hae ba botho, Konyana ea Molimo e ne e tla ba nyehelo e sa phethahalang, ‘me topollo ea motho e hlolehe. Empa A inehela ka bonolo bo phethahetseng, mahlapeng le litlhōkōfatsong tse mpe ka ho fetisisa.EN 491.4

    Lira tsa Kreste li ne li batla mohlolo, e le bopaki ba bo-Molimo ba Hae. Ba ne ba na le bopaki bo boholo bo fetang boo ba bo batlileng. Bonolo ba Hae le mamello li ne li paka kamano ea Hae le Molimo. Marotholi a mali a neng a theoha litlhafunelong tsa Hae tse hlabiloeng, e ne e le tiiso ea hore O tlotsitsoe ka “ole ea nyakallo” e le Moprista e Moholo oa rōna. Sheba Baheberu 1:9. Khalefo ea Satane e ne e tlokoma, ha a bona hore Mopholosi ha a kheloha thato ea Ntate oa Hae ho hang.EN 491.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents