Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Ho Nyahama Ha Barutuoa

    Kreste ha A e-shoa, barutuoa ba Hae ba ile ba lahleheloa ke tšepo. Ho fihlela qetellong ba ne ba ntse ba sa kholoe hore O tla shoa; le joale ba ne ba sitoa ho lumela hore O fela A shoele. Ka lebaka la masoabi a neng a ba aparetse, tsohle tseo A neng A ile a ba bolella tsona, li ne li sitoa ho ba khothatsa. Le hoja tumelo ea bona ho Jesu e ne e shoele, joale ba ne ba Mo rata ho feta pele, ‘me ba ne ba e-na le tlholohelo e fetang ea hore eke A ka be A le har’a bona.EN 515.6

    Ba ne ba lakatsa ho Mo pata ka mokhoa o hlomphehang, empa ba ne ba sa tsebe hore na sena ba ka se fihlela joang. Batho ba qoselitsoeng ho tsohela ‘muso oa Roma matla, ba ne ba patoa le batloli ba molao. Johanne ‘moho le basali ba tsoang Galelea, ba ne ba sa batle hore sctōpō sa Mong’a bona se tšoaroe ke masole a se nang mohau, le hore se patoe lebitleng le nyelisehang. Empa, ba ne ba ke ke ba fumana mohau ho baetapele ba Bajuda, ‘me ba ne ba sena matla a ho buisana le Pilato.EN 516.1

    Barutuoa ba ile ba thusoa bothateng bona ke Josefa oa Arimathea le Nikodema. Batho bana ka bobeli, ba ne ba ruile, ba na le tšusumetso e kholo sechabeng, ba tsebana le Pilato, e bile e le litho tsa lekhotla la puso la Bajuda. E ne e le sepheo sa bona hore setōpō sa Jesu se epeloe ka mokhoa o hlomphehang.EN 516.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents