Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Thuto Ea Sabatha

    Ka letsatsi le leng la Sabatha, ha Mopholosi le barutuoa ba Hae ba feta har’a tšimo ea koro e seng e butsoitsoe, Barutuoa ba qala ho kha liqoapi tsa koro hore ba je kamorao hore ba li phothule ka matsohong a bona. Ha e ne e le ka letsatsi le leng feela hona ho ne ho ke ke ha kukunela mang kapa mang, hobane ha motho a ne a feta har’a tšimo ea litholoana, kapa ea morara, eo o ne a le bōlōllōkōlōhing ba ho kha, kapa ho thonaka kamoo a ratang, a je. Sheba Lipolelo 23:24,25. Empa ka letsatsi lena la Sabatha ho etsa hoo, e ne e le tlolo ea molao. Ho kha koro e ne e ka ho kotula, ho phothula koro ka har’a matsoho ho ne ho tšoana le ho pola.EN 191.1

    Hang-hang Bafarisi ba lihloela ba belaela ho Jesu, “Bona, ke ka baka la’ng ha ba etsa se sa lumelloang ka letsatsi la Sabatha?” Mareka 2:24.EN 191.2

    Mohla A neng A qosoa ka ho roba Sabatha Bethesaeda, Jesu A na A itšireletsa ka ho tiisa hore Eena ke Mora oa Molimo, ‘me A bolela hore Eena O sebetsa hammoho le Ntat’ae. Joale ha barutuoa ba Hae ba hlaseloa, Jesu A qotsa Testamenteng ea Khale mehlala ea liketso tse entsoeng ka Sabatha ka batho ba neng ba etsa tšebeletso ea Molimo.EN 191.3

    Karabong ea Mopholosi ho ba neng ba Mo qosa ho ne ho e na le khalemelo le ho bontša ho se tsebe Mangolo ha bona: “Na ha le a ka la bala seo Davida a neng a se etse, ha a ne a lapile ‘moho le bao a neng a e-na le bona; kamoo a neng a kene ka Tlung ea Molimo kateng, ‘me ba ja bohobe bo halalelang, e leng boo eena le bao a neng a e-na le bona ba neng ba sa lumelloa ho bo ja, bo jeoa ke baprista feela? Kapa na ha le a ka la bala Molaong hore baprista ba tlōla molao oa Sabatha Tempeleng ka Lisabatha, empa ha ba na molato? Kea le bolella, mona ho teng ho fetang Tempele ka boholo.” “Mor’a Motho ke morena oa Sabatha.” Matheu 12:5,6,8; Mareka 2:27,28; Luka 6:3,4.EN 191.4

    Haeba ho ne ho nepahetse hore Davida a ikhorise ka ho ja bohobe bo neng bo khethetsoe tšebeletso e halalelang, ho ne ho lōkile hore barutuoa ba khe liqoapi tsa koro ka Sabatha. Hape, baprista ba ne ba etsa mosebetsi o mongata ka tempeleng ka letsatsi la Sabatha ho feta ka matsatsi a mang. Mosebetsi o joalo ha o ne o ka etsoa ka matsatsi a mang e le khoebong, e ne e tla ba sebe, empa ba ne ba etsa liketso tse emetseng pholoso ea Kreste, ‘me mosebetsi oa bona o ne o lumellana le letsatsi la Sabatha.EN 192.1

    Sepheo sa mosebetsi oa Molimo lefatšeng lena ke ho pholosa motho. Ka baka lena hohle ho hlokehang hore ho ka etsoa ka Sabatha ho phethahatsa topollo ho lumellana le molao oa Sabatha. Joale Jesu A tšehetsa ketso ea Hae ka ho itlhalosa e le Eena “Morena oa Sabatha” -Eena ea okametseng lipotso tsohle le molao ohle. Moahloli Rabosafeleng A ntša barutuoa molatong, A ba sireletsa ka molao ona oo ba neng ba qosoa ka hore ba o robile.EN 192.2

    Jesu A bolella lira tsa Hae hore bofofung ba tsona li lahlile sepheo sa Sabatha. O re: “Hoja le ne le tsebile hore na ke ho re’ng ha ho thoe: ‘ke thabela mohau, e seng sehlabelo,’ le ka be le sa ka la ahlōla ba se nang molato.” Matheu 12:7. Litšebeletso tsa bona tse hlokang mohau li ne li ke ke tsa nka sebaka sa bonnete le lerato le qenehelang le bontšang bosebeletsi ba sebele ba Molimo.EN 192.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents