Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Mabaka A Ho Keteka Selallo Sa Morena

    Tsebeletso ea Selallo ha se nako ea ho hlomoha. Ha barutuoa ba Morena ba bokana tafoleng ea Hae, ha ba lokela ho tla llela liphoso tsa bona. Ba se ke ba hopola liphapang tse bileng teng pakeng tsa bona le bana ba bo bona. Nako ea boitōkisetso e akarelitse hona hohle. Nakong ena ba tlil’o kopana le Kreste. Ha ba lokela ho ema moriting oa sefapano, empa ba eme leseling la sona le pholosang. Ba lōkela ho bula meea ho amohela mahlaseli a khanyang a Lestsatsi la ho Lōka. Ba lōkela ho utloa mantsoe a Hae, a reng, “Ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka; ha ke le fe kamoo lefatše le fanang kateng.” Johanne 14:27.EN 445.5

    Morena oa rōna O re, Ha u tlatlapuoa ebile u hlorisoa ka lebaka la ka le la Lentsoe, hopola lerato la ka le leholo hoo Ke ileng ka tela bophelo ba ka ka lebaka la hao. Ha mesebetsi ea hao e bonahala e le thata, meroalo ea hao e le boima haholo, hopola hore ka lebaka la hao ke ile ka jara sefapano, Ke sa natse nyeliso. Molopolli oa hao Oa phela, ho u buella.EN 446.1

    Tsebeletso ea Selallo e supa ho khutla la bobeli ha Kreste. E etselitsoe ho boloka tšepo ena e phela ka kelellong. “Kamehla ha le e-ja bohobe bona, ‘me le noela senoelong sena, le phatlalatsa lefu la Morena ho fihlela a khutla.” IBakorinthe 11:26.EN 446.2

    Kreste O theile tsebeletso ena hore e tle e bue le likelello tsa rōna ka lerato la Molimo. Ho ke ke ha ba le kopano ea letho pakeng tsa meea ea rōna le Molimo, haese ka Kreste. ‘Me ha ho letho le leng haese lefu la Kreste, le neng le ka etsa hore lerato la Hae le re hohele. Ke feela ka lebaka la lefu la Hae re ka lebellang ka thabo ho khutla ha Hae la bobeli. Likelello tsa rōna li hloka ho sisinngoa li tle li amohele mohlolo oa bo-Molimo, ho utloisisa ho feta kamoo ho leng ka teng mahlomola a Kreste ha A ne A shoela batho.EN 446.3

    Morena oa rōna O itse, “ha le sa je nama ea Mor’a Motho, le sa noe mali a hae, ha le na bophelo ka ho lona Nama ea ka ke sejo sa ‘nete, le mali a ka ke seno sa ‘nete.” Johanne 6:5355. Lefung la Kreste re kolota esita le bophelo ba lefatše lena. Bohobe boo re bo jang bo rekiloe ka ‘mele oa Hae o robiloeng; metsi ao re a noang a rekiloe ka mali a Hae a tšolotsoeng. Ha ho le a mong, mohalaleli kapa moetsalibe, ea jang lijo tsa hae tsa letsatsi le letsatsi, a sa matlafatsoe ke ‘mele le mali a Kreste. Sefapano sa Gologotha se hatisitsoe holim’a sengoathoana se seng le se seng; ‘me se bonahala ka har’a seliba se seng le se seng sa metsi. Khanya e hlahang tšebeletsong ea Selallo e halaletsa tseo re li fumanang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Tafole ea lelapa a tšoantša tafole ea Morena, ‘me lijo tsohle ke selallo.EN 446.4

    Ka bophelo ba rōna ba moea Jesu O re; “Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o na le bophelo bo sa feleng.” Ka ho amohela lentsoe la Hae, le ho etsa lintho tseo a li laetseng, re ba bang le Eena. O re, “Ea jang nama ea ka, a e-noa mali a ka, o lula ka ho ‘na, le ‘na ka ho eena. Joalokaha Ntate ea phelang a nthōmile, ‘me ke phela ka Ntate, le ea ntjang o tla phela ka ‘na.” Johanne 6:56,57. ha tumelo e e nahana ka sehlabelo se seholo sa Morena, moea o amohela bophelo ba semoea ba Kreste. Tsebeletso e ‘ngoe le e ‘ngoe ea selallo e theha lehokela le phelang le tlamahanyang molumeli le Kreste, hammoho le Ntate.EN 447.1

    Ha re amohela bohobe le veine tse tšoantšang ‘mele oa Kreste o robiloeng le mali a tšolotsoeng, re paka ka likelellong tsa rōna, bothata boo poelano ea rōna le Molimo a fumanoeng ka bona. Kreste O beoa ka har’a rōna A thakhisitsoe. Ho hopola Gologotha ho tsosa menahano e phelang, e halalelang ka lipelong tsa rōna. Boikhōhōmōso le boithati, li ke ke tsa atleha ka moeeng o bōlōkang lietsahala tsa Gologotha li nchafetse ka kelellong. Ea tšoereng lerato la Mopholosi le sa lekanngoeng, o tla fetoloa sebōpehong. O tla tsamaea e le leseli la lefatše, ho bontšahatsa lerato lena le mohlolo.EN 447.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents