Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 59—BAPRISTA LE BABUSI BA TSOELA PELE HO RERA

    E itšetlehile ka ]ohanne 11:47-54.

    Litaba tsa tsoho ea Lasaro hang hang tsa fihla Jerusalema. Babusi ba Bajuda ba tseba litaba tsena ka pele-pele ka lihloela. Lekhotla la kopana hang-hang ho tla etsa qeto ea hore na ho ka etsoa eng. Mohlolo oo o moholo e ne e le sehlohlolo sa bopaki bo fanoang ke Molimo hore O rōmetse Mor’a Hae lefatšeng ho tla le lopolla. E ne e le pontšo ea matla a maholo, e lekaneng ho susumetsa kelello e ‘ngoe le e ‘ngoe e nang le letsoalo le hlaphohetseng, e utloisisang mabaka.EN 360.1

    Empa baprista ba ile ba halefisoa ke mohlolo ona o mocha. Mofu o ile a tsosoa letsatsi le chabile, pontšeng ea sehlopha seo e bileng lipaki. Ha ho leqheka le ka latolang bopaki bo joalo. Ka lebaka lena baprista ba ikemisetsa le ho feta pele, ho felisa mosebetsi oa Kreste.EN 360.2

    Basaduke ba ne ba se khahlanong e matla haholo mabapi le Jesu joaloka Bafarisi, empa ha joale ba ne ba tšohile haholo. Ba ne ba sa lumele tsoho ea bafu, ba hlalosa hore ho ke ke ha etsahala hore ‘mele o shoeleng o ka boela bophelong hape. Empa ka lipolelo tse seng kae tse tsoang ho Kreste, ba ile ba bonahala hore ha ba tsebe Mangolo, ebile ha ba tsebe le matla a Molimo. Ebe batho ba ka arohanngoa joang le Eo ea hlotseng ka ho amoha lebitla bafu ba lona? Mohlolo o ne o ke ke oa latoloa, ‘me ba sa tsebe le hore na ba ka loantša matla a oona joang. Kamora’ tsoho ea Lasaro, Basaduke ba etsa qeto ea hore ke feela hore ba Mo bolaee, e le hore likhanyetso tsa Hae tse sa tšabeng letho li tle li fele.EN 360.3

    Bafarisi ba ne ba lumela tsoho, ba ne ba bone letho le leng, haese hore mohlolo ona e ne e le bopaki ba hore Mesia O ne A le teng har’a bona. Empa ba ile ba Mo hloea ho tloha qalong, hobane O ile A tabola lekoko leo ba neng ba patile boitšoaro ba bona bo khopo ka tlas’a lona. Bolumeli bo hloekileng boo A neng A bo ruta bo nyatsitse boipolelo ba bona bo feela, bo mpang bo nketsoe holimo. Ba ne ba nyoretsoe ho iphetetsa kahobane likhalemelo tsa Hae li ne li ba toba. Ba lekile ho Mo tlepetsa ka majoe ka mokhetlo a mangata, empa O ne A ba nyamella A itholetse.EN 360.4

    E le ho tsosa Baroma hore ba Mo loantše, Bafarisi ba hlahisa taba ea hore Jesu O ntse A leka ho liha ‘muso oa bona. Ba ne ba lekile ka mekhoa eohle ho Mo thibela ho susumetsa batho. Empa maleke a bona a hloleha. Matšoele-tšoele a boneng mesebetsi ea Hae, ‘me a kileng a utloa lithuto tsa Hae tse phethahetseng, a ne a tseba hore mesebetsi eo le litaba tseo, ha se tsa motho ea robang Sabatha kapa mothetsi. Ka ho lahla tšepo Bajuda ba qetella ba entse molao o reng, e mong le e mong ea bolelang a na le tumelo ho Jesu a ntšoe ntlong ea thapelo.EN 361.1

    Joale Bafarisi le Basaduke ba ile ba kopana ‘moho le ho feta pele. Ba e ba le maikutlo a le mang khahlanong le Jesu.EN 361.2

    Lekhotla la Sanhedrin ka nako eo le ne le sa hlophisoa ka molao. Le ne le eba teng feela ha ho khoneha. Ba bang ba litho ba botsa hore na e tla be e le bohlale ba ho bolaea Kreste. Ba tšaba hore ketso ena e ka tsosa mofere-fere. Basaduke ba ne ba kopane le baprista lehloeong la bona ho Jesu, ba tlameha ho ba seli kaha ba ne ba tšaba hore Maroma a tla ba tima maemo a phahameng.EN 361.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents