Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 34—JOKO EA HAE E BONOLO, MOROALO OA HAE OBOBEBE

    [E itšetlehile ka Matheu 11:28-30.]

    Tlong ho ‘na, lona bohle ba khathetseng, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla.” Mopholosi ha A koalla leha a le mong kantle ho tlhokomelo le lerato la Hae. O ile A sheba ba matšoenyehong, ba imetsoeng lipelo, ba lahlehetsoeng ke tšepo, ba lekileng ho khutsisa se hlokoang ke meea ea bona ka menate ea lefatše, ‘me O ba mema bohle ho fumana phomolo ho Eena.EN 222.1

    Ka qenehelo, O re ho ba sebetsang ka thata, “Itjariseng joko ea ka, le ithute ka ‘na, kahobane ke mosa, ke na le pelo e ikokobelitseng, ‘me le tla fumana phomolo.”EN 222.2

    Ka mantsoe ana Kreste O bua le motho e mong le e mong. Bohle, ho sa tsotellehe hore na ba a tseba kapa ha ba tsebe, ba imetsoe ke meroalo eo e leng Kreste feela ea ka e tlosang. Moroalo o boima ho feta eohle ke oa sebe. Hoja re ne re ka tlohelloa ho jara moroalo ona, o ne o tla re ripitla. Empa ea se nang sebe O nkile sebaka sa rōna. “Morena o ‘melesitse makhopo a rōna bohle.” Esaea 53:6. O jere moroalo oa melato ea rōna. O tla jara le moroalo oa tlhokomelo le oa masoabi.EN 222.3

    Moholoane oa rōna, oa moloko oa rona, O teroneng e sa feleng. O tseba bofokoli ba botho ka ho feta ho bona; O tseba le seo re se hlokang, le matla a meleko e re tlelang, hobane O ile A lekoa linthong tsohle joaloka rona, empa A se ke A etsa sebe. Na u molekong? O tla u pholosa. Na u a fokola? O tla u fa matla. Na u hloka tsebo? O tla u fa tsebo. Na u tsoile maqcba? O tla u folisa. “O folisa ba pelo li hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.” Pesalema 147:3.EN 222.4

    Ho sa tsotellehe hore na matšoenyeho a hao le meleko ke efe, ala litaba tsa hao ka pel’a Jehova. Moea oa hao o tla tiisetsoa hore o be le mamello. Tsela e tla buleha ea hore u itokolle ho tse tlontlollang, le mathata. Ha meroalo ea hao e le boima haholo, u tla fumana lehlohonolo le leholo, le phomolo, ha u li lahlela ho ea jereng meroalo.EN 223.1

    Phomolo eo Kreste a fanang ka eona, e itšetlehile ka lintho tse itseng. Lintho tsena li bonolo, ‘me li hlalositsoe. Ke tseo bohle ba ka khonang ho li etsa.EN 223.2

    “Itjariseng joko ea ka.” Joko ke sesebelisuoa mosebetsing. Likhomo li panoa ka joko ha li il’o sebetsa, ‘me joko ena ea hlokeha, hore li tle li tsebe ho sebetsa hantle. Ka tlhakiso ena, Jesu O re ruta hore re bilelitsoe mosebetsi. Re tšoanela ho inkela joko ea Hae.EN 223.3

    Joko ke molao oa Molimo, selekaneng se secha se ngotsoeng ka pelong. E tlamahanya motho ea sebetsang le thato ea Molimo. Ha re ne re ka leseloa ho ea moo re ratang, re ne re tla oela ha Satane. Ka lebaka leo, Molimo O re bokelletsa ka har’a thato ea Hae.EN 223.4

    Jesu ka boeena O ile A jara joko ea bosebeletsi, A nkile sebōpeho sa botho. O itse “ke theohile leholimong, e seng ho tla etsa thato ea ka, empa ho tla etsa thato ea ea nthōmileng.” Johanne 6:38. Jesu O tlile lefatseng ka lebaka la ho rata Molimo, ho chesehella khanya ea Hae le lerato ho batho ba oeleng. Ana e ne e le ‘ona matla a Mo tsamaisang bophelong ba Hae. O re bitsa hore le rōna re inkele melao ena.EN 223.5

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents