Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 60—KE SEFE SETULO SE PHAHAMENG HO FETA TSOHLE?

    [E itšetlehile ka Matheu 20:20-28; Mareka 10:32-45; Luka 18:31-34.]

    Mokete oa Paseka o ne o atametse, ‘me Jesu A boela A leba nqa ea Jerusalema. Ka pelong ea Hae ho ne ho na le khotso ea bonngoe bo phethahetseng le thato ea Ntate, ‘me ka cheseho e kholo A hatela pele ho ea sebakeng sa sehlabelo. Barutuoa ba fihleloa ke maikutlo a ho hlolloa, ho belaela le ho tšaba. Mopholosi “o n’a tsamaea kapele ho bona, ‘me ba ne ba hloletsoe; athe ha e le ba latetseng ba ne ba tsohile.”EN 364.1

    Kreste A boela A koahollela ba leshome le metso e ‘meli litaba tsa ho èkoa ha Hae, le mahlomola a Hae, A re: “Bonang, re nyolohela Jerusalema, ‘me tsohle tse ngotsoeng ke baporofeta ka Mor’a Motho, li tla phethahala, hobane O tla neeloa balichaba, a sonngoe, a etsoe hampe, a tšoeloe ka mathe; hoba ba mo shape, ba tla ‘molaea, ‘me ka letsatsi la bararo o tla tsoha. Empa ha baa ka ba utloisisa letho la litaba tsena; polelo ena e ne e ba siretse, ba sa utloisise se boleloang.’‘EN 364.2

    Na ha se haufi ha ba ne ba phatlalatsa hohle, ba re, “‘muso oa Maholimo o atametse?” Na ha se Kreste ka bo-Eena ea ileng A fana ka tšepiso e khethehileng ho ba leshome le metso e ‘meli, ea ho fumana litulo tse phahameng, tse tlōtlisehang ‘musong oa Hae? Na baporofeta ha ba bolela khale ka khanya ea puso ea Mesia? Ka lebaka la mehopolo ena, litaba tsa Hae, tse bolelang ka ho èkoa ha Hae, le litlhoriso, le lefu la Hae, tsa utloahala li fokola, e le lerootho. Ba ne ba lumela hore ‘muso o tla theoa haufinyane, ho sa tsotellehe hore na ke mathata afe a ka hlahang.EN 364.3

    Johanne le ngoan’abo Jakobo, ba ne ba le sehlopheng sa pele, sa bao ba siileng lehae le metsoalle ho ba le Jesu. Lipelo tsa bona li ne li shebahala e ka li khorametse ho ea Hae, ‘me ka lebaka la cheseho ea bona ea lerato, ba laba-labela ho ba haufi-ufi le Jesu ‘musong oa Hae. Johanne o ne a e-ba haufi le Mopholosi nako le nako ha monyetla o e-ba teng, ‘me le Jakobo o ne a laba-labela tlōtla ena ea ho ba haufi le Jesu.EN 365.1

    ‘M’a bona o ne a kile a sebeletsa Kreste ka bōlōkōlohi ka lintho tsa hae. Ka lerato la motsoali le cheseho bakeng sa bara ba hae, o ne a ba lakaletsa litulo tse phahameng ‘musong o mocha. ‘Mè le bara ba ea ho Jesu hammoho.EN 365.2

    “Le rata ha ke le etsetsa’ng?” Ho botsa Jesu. ‘M’a bona a araba a re, “Laela hore ‘Musong oa hao bara bana ba ka ba babeli ba tle ba lule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letšehali.”EN 365.3

    Jesu O ne A balile lipelo tsa bona. O ne A tseba botebo ba likamano tsa bona le Eena. Lerato la bona, leha le ne le silafalitsoe ke botho lefatšeng, e ne e le phororo e tsoang mohloling oa lerato la Hae le pholosang.EN 365.4

    “Na le ka noa senoelo seo ke se noang, kapa le ho kolobetsoa ka kolobetso eo ‘na ke kolobetsang ka eona?” Ba hopola mantsoe a Hae ao ba sa a utloisiseng hantle, a supang liteko le mahlomola, leha hole joalo ba araba ka sebete ba re, “Re ka tseba.”EN 365.5

    A re ho bona, “Senoelo seo ke se noang le tla se noa, ‘me kolobetso eo ke tla kolobetsoa ka eona, le tla kolobetsoa ka eona.” Johanne le Jakobo ba ne ba tla arolelana le Morena oa bona mahlomola a Hae, e mong, oa pele ho bara bana o ne a tla bolaoa ka sabole, e mong a nke nako e telele ka ho fetisisa a mameletse mathata le hlōkōfatso.EN 365.6

    “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona, kapa ka ho le letšehali, hase ‘na ke fanang ka hona, ke ha ba ho lōkiselitsoeng.” ‘Musong oa Molimo, litulo ha li fumanoe ka ho ratoa ho feta ba bang, kapa ka mokhoa oa molao. Ke tholoana ea semelo sa motho. Moqhaka le terone ke lipontšo tsa boemo boo motho a bo fihletseng ka Morena oa rōna Jesu Kreste. Ea tla ema haufi-ufi le Kreste e tla ba motho eo, lefatšeng lena, a ileng a noa ka botebo bo boholo moea oa Hae oa lerato le hlokang boikhabo, lerato le susumetsang morutuoa ho fana ka tsohle, ho phela le ho sebetsa le ho iketsa sehlabelo esita le ho isa lefung, hona a ho etsa molemong oa pholoho ea ba bang.EN 365.7

    Ba leshome ba ne ba sa thaba ho hang. E mong le e mong oa bona, o ne a laba-labela ho iphumanela setulo se phahameng ka ho fetisisa musong; ‘me ba ne ba hlabehile, ka hobane ba ne ba hlokomela eka barutuoa bao ba ba babeli ba se ba fumane monyetla oo.EN 366.1

    Jesu A bua le barutuoa ba hlabehileng, A re, “Lea tseba hore ba talingoang e le babusi ba lichaba ba li busa ka thata, ‘me baholo ba bona ba li tšoara ka thata. Empa ha ho na ho ba joalo ho lona.”EN 366.2

    Mebusong ea lefatše, ho fumana litulo tse phahameng ho bolela ho iphumanela tlotla. Batho ba ne ba sebelisoa molemong oa babusi. Borui le thuto li ne li sebelisoa ho tsamaisa le ho laola ba bang. Barui e ne e le bona ba ka etsang meralo, ba etsa liqeto, ‘me ba busa; ba ka tlas’a bona, ha bona e le ho ba hlonepha le ho ba sebeletsa. Bolumeli, joaleka lintho tsohle, bo ne bo tsamaisoa ka thato ea babusi.EN 366.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents