Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 87—KRESTE O KENA LEHOLIMONG KA TLHŌLO

    [E ilsellehile ka Luka 24:50-53; Liketso 1:9-12.]

    Nako e ne e se e fihlile ea hore Kreste A nyolohele teroneng ea Ntat’ae e le Mohlōli ea halalelang. O ile A phomola lefatšeng ka nakonyana, kamora’ tsoho ea Hae, e le hore barutuoa ba Hae ba tloaele ‘mele oa Hae o khanyang. Joale O ne A se A loketse ho tsamaea. Barutuoa ba Hae ba ne ba ke ke ba hlōla ba Mo nahana A le ka lebitleng. Joale ba ne ba ka Mo nahana A tlōtlisitsoe ka pel’a leholimo.EN 552.1

    Jesu A khetha ho nyoloha A tloha sebakeng seo A neng A atisa ho se chakela, ha A sa lula har’a batho -Thabeng ea Mehloaare. Thaba ena e ne e hlohonolofalitsoe ke lithapelo le meokho ea Hae. O ne A ile A rapela ‘me A sotleha A le mong, serapeng sa Gethesemane se neng se le mosikong oa Thaba ea Mehloaare. Maoto a Hae a tla hata tlhorong ea thaba ena mohlang A tlang hape, e le Morena ea khanyang, ‘me lihaleluja tsa Baheberu li tla binoa li kopane le lihosanna tsa Balichaba, ‘me makhotla a matla a tla hōoa phatlalatso e reng, “Mo roeseng Khau Morena oa bohle!”EN 552.2

    Eaba Jesu O leba thabeng le barutuoa ba Hae ba leshome le motso o mong. Ha ba e-tsoa ka likhoro tsa Jerusalema, batho ba bangata ba ile ba sheba sehlotšsoana sena ka ho makala, se neng se etelletsoe pele ke Ea neng A thakhisitsoe ke babusi livekeng tse fokolang tse fetileng. Barutuoa ba ne ba sa tsebe, hore ena e ne e tla ba puisano ea ho qetela ea bona le Mong’a bona. Jesu A qeta nako A buisana le bona, A boetse A ba laea joaleka pele. Ha ba atamela Gethesemane A emisa. Eaba O sheba sefate sa morara, seo A neng A ile A bapisa kopano ea kereke ea Hae le Eena le Ntat’ae ka sona. A boela A pheta linnete tseo A neng A ile A ba bolella tsona.EN 552.3

    Jesu O ne A ile A mamella litšomo le lithohako lilemo tse mashome a mararo a metso e meraro ha A le lefatšeng. O ne A ile A latoloa, A ba A thakhisoa. Na joale ha A hopola ho hloka teboho ha batho bao A neng A tlil’o ba pholosa, ebe O ne a tla ba amoha mohau le lerato la Hae? Che. Tšepiso ea Hae e re, “Ke na le lona kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.”EN 553.1

    Jesu ha A fihla Thabeng ea Mehloaare, A ba etella pele ho feta tlhorong ea eona, ho isa nq’a Bethani. Ha A fihla teng A emisa, ‘me barutuoa ba ile ba ‘Mokanela. A ba sheba ka lerato. Ha A ka A ba tšoaea liphoso ka bofokoli le liphoso tsa bona. Mantsoe a Hae a ho qetela ho bona, a ne a tletse bonolo bo tebileng. O ile A otlolla matsoho a Hae ho ba hlohonolofatsa, joalekaha eka O ba kholisa hore O tla ba hlokomela, me A ba sireletse. Eaba O nyoloha har’a bona butle, A huleloa leholimong ke matla a fetang ‘ohle lefatšeng. Ha A ntse A nyolohela holimo, barutuoa ba ile ba talima Morena oa bona ea nyolohang, lekhetlo la ho qetela. Leru la khanya la Mo koahela, ‘me eare ha koloi ea mangeloi e Mo amohela, ba hopola mantsoe ana a reng, “ke na le lona kamehla eohle.” Ka eona nako eo ha fihla litšebeng tsa bona ‘mino o monate ka ho fetisisa, o tsoang ho libini tsa mangeloi.EN 553.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents