Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Boitlhahiso Ba Kantle Ha Bo Bolele Letho

    Mokete o neng o entsoe e ne e le ho tlotla Jesu, ‘me A amohela memo ho se tieho ea letho. O ne a tseba hantle hore kamohelo ena e tla hlaba bafarisi ‘me a hlahe mahlong a batho e le ea amohelang tse sa nepahalang. Empa O ne A ke ke A laoloa ke tsamaiso tsa batho.EN 182.5

    Jesu A lula e le ea fuoeng tlotla tafoleng ea molekhethoa. Ka kutloelo-bohlōkō le molemo sechabeng, A bontša hore motho o na le seriti; ‘me batho ba ne ba thabela ho amoheloa ke Eena. Tjantjello e ncha ea tsosoa, ‘me monyetla oa bophelo bo bocha oa bulehela bao e neng e le balahluoa sechabeng.EN 183.1

    Bongata ba ba sa kang ba Mo amohela e le Mopholosi pele ho tsoho ea Hae ba ile ba ameha tsatsing lena. Har’a ba likete tse tharo ba neng ba sokolohe ka letsatsi, ho ne ho e-na le ba bangata ba neng ba qale ho utloa ‘nete ha ba ne ba lutse tafoleng tsa balekhetho. Ho Matheu mohlala oa Kreste moketeng e bile thuto e sa hlakoheng. Molekhetho ea neng a nyefoloa ea e-ba e mong oa ba ikakhetseng ka setotsoana evangeling, ‘me a tsamaeang moo Mong’a Hae a hatileng teng.EN 183.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents