Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Khalefo Ea Lihloela

    Barutuoa ba lemoha khalefo ea lihloela ‘me ba utloa mantsoe a bueloang fatše a ho se khotsofale le ho batla ho iphetetsa. Ka tšepo ea hore A ka nolofatsa batho bana ba halefileng ba re ho Kreste, “Na ua tseba hore Bafarisi ba khopisitsoe ke seo u ileng ua se bua?”EN 268.3

    A araba A re, “Semela se seng le se seng se sa lengoang ke Ntate ea maholimong se tla motsuloa.” Mekhoa le taba e neanoang ka molomo, tse e leng lintho tsa bohlokoa haholo ho baruti ba molao, li sitiloe ho emellana le ho nonngoa ke Molimo. Boiqapelo bo bong le bo bong ba motho bo neng bo nkile sebaka sa melao ea Molimo bo tla fumaneha bo se na thuso tsatsing lela ha “Liketso tsohle Molimo o tla li ahlōla, esita le tsona tsohle tse entsoeng bofihla, ebang li ntle kapa li mpe.” Moruti 12:14.EN 268.4

    Esita le har’a Bakreste ho fumanoa mekhoa le litšebeletso tseo mothèo oa tsona eleng mekhoa ea baholoholo. Batho ba khomarela mekhoeng ea bona ‘me ba hloea ba ba bontšang phoso ea bona. Le kajeno, ha re memeloa hore re bōlōke melao ea Molimo le tumelo ho Jesu, re bona lehloeo le kang le bonahetseng mehleng ea Kreste. Ha ho buuoa ka batho ba masala a Molimo ho ngoliloe tjena, “Khanyapa ea halefela mosali, ‘me ea loantša litlōhōlō tsohle tsa hae, e leng ba bōlōkang litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu.” Tsenolo 12:17.EN 269.1

    Empa “semela se seng le se seng se sa lengoang ke Ntate ea maholimong se tla motsuloa.” Ho e na le ho amohela se laetsoeng ke ba bitsoang baholo ba kereke, Molimo o re bolella ho amohela lentsoe la Ntate oa kamehla, Morena oa leholimo le lefatše. Ke teng qha! moo ‘nete e sa tsoakoang le leshano. “Se nkhumamella lefeela, empa se ruta lithuto tseo e leng litaelo tsa batho.”EN 269.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents