Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 10—LENTSOE LE HOANG FEELLENG

    [E itšetlehile ka Luka 1:5-23, 57-80; 3:1-18; Matheu 3:1-12; Mareka 1:1-8.]

    Har’a ba tšepahalang ba Iseraele ho ile ha hlaha pulamaliboho ea Kreste. Moprista ea holileng e leng Sakariea le mosali oa hae Elisabetha “ba ne ba lokile pel’a Molimo,” bophelong ba bona bo bonolo leseli la tšepo le ile la khanya joaloka naleli har’a lefifi. Lelapa lena le tšepehang ho Molimo la fuoa mora ea tšepisitsoeng eo a tlang ho ho etella Morena pele, le ho mo lōkisetsa tsela.EN 58.1

    Sakariea o ne a ile Jerusalema ho ea etsa litšebeletso tempeleng nako ea beke. Ha a ntse a eme pel’a aletare ea khauta ka sehalalelong sa tempele, hang-hang a bona lengeloi la Morena “le eme lehlakoreng le letona la aletare.” Ka lilemo tse telele o ne a ntse a rapella ho tla ha Mopholosi; ‘me lithapelo tsena li ne li se li le haufi le ho arabeloa.EN 58.2

    O ile a lumelisoa ka tšepiso e monate e reng, “‘se tšabe, Sakariea, hobane thapelo ea hao e utloiloe, mohats’a hao Elisabetha o tla u tsoalla mora, ‘me u tla mo rea lebitso la Johanne....hobane o tla ba moholo pel’a Morena; ha a ka ke a noa veine leha e le seno se tahang, o tla tlala Moea o Halalelang....O tla etella Morena pele ka moea le ka matla a kang a Elia, ho boelanya lipelo tsa bo-ntata le bana ba bona, le ba sa utloeng, maikutlong a ba lokileng, ho lokisetsa Morena sechaba se mo lokelang.’ Sakariea a re ho lengeloi: ‘Ke tla tseba taba eo ka’ng, kaha ke hōlile, le mohats’a ka a tsofetse?”EN 58.3

    Motsotsoana feela moprista oa leqheku a lebala hore seo Molimo O mo tšepisitseng sona O ka se etsa. A, phapang e kaakang pakeng tsa ho se lumele ha hae le tumelo ea Maria, eo karabo ea hae ha a araba molaetsa oa lengeloi a ileng a re “Ke lekhabunyane la Morena; a ho be joalo ho ‘na ho ea ka polelo ea hao!” Luka 1:38.EN 58.4

    Tsoalo ea mor’a Sakariea, joaloka ea ngoana oa Aborahama le ea ngoana oa Maria e ne e ruta ‘nete e tiileng ea hore, seo re sitoang ho se etsa se tla etsoa ke matla a Molimo ho motho e mong le e mong ea lumelang. Ka tumelo bophelo ba moea bo ea tsoaloa, ‘me re tseba ho etsa mesebetsi e lokileng.EN 58.5

    Lilemong tse makholo a mahlano tse fetileng, lengeloi Gabariele le ne le ile la tsebisa Daniele linako tsa boporofeta tse ileng tsa fihlela nakong ea ho tla ha Kreste. Tsebo ea hore linako tsa boporofeta bona li se li le haufi le qetello e ile ea tsitsinya Sakariea ho rapella ho tla ha Mesia. Lona lengeloi leo le ileng la fana ka boporofeta ke lona le ileng la tsebisa ka ho phethahatsoa ha bona.EN 59.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents