Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 26—MATSATSING A PHATHAHANENG A THABISANG KAPERENAUMA

    [E itšetlehile ka Mareka 1:21-38; Luka 4:31-44.]

    Lipakeng tsa maeto a Hae ha A ntse A e ea holimo le tlase, Jesu O ne A lula Kaperenauma, mabopong a leoatle la Galelea, ‘me ho ile ha tsebahala ka hore ke “motse oa habo”. Matheu 9:1. Mabopo a leoatle le lithajana tse hojana li ne li ena le, metse mona le mane. Leoatle le ne le koahetsoe ke liketsoana tse tsoasang litlhapi. Hohle ho ne ho phetheseloa ho phathahanoe.EN 165.1

    Kaperenauma e ne e le tseleng e kholo e tlohang Damaseka ho ea Jerusalema le Egepeta, le Leoatleng le Bohareng; batho ba bangata ba tsoang mafatšeng a mang ba ne ba feta le teng. Mona Jesu O ne A ka kopana le lichaba tsohle le ba maemo a fapaneng, ‘me lithuto tsa Hae li ne li tla fihlela linaha tse ling. Lipatlisiso tsa boporofeta li ne li tla thahasellisa, ‘me maikutlo ohle a ne a tla lebisoa ho Mopholosi, ‘me borōmuoa ba Hae bo ne bo tla tlisoa kapele ho lefatše. Mangeloi a ne a lōkisetsa tsela ea boromuoa ba Hae, a sisinya lipelo tsa batho ho ba hulela ho Mopholosi.EN 165.2

    Hona moo Kaperenauma Kreste O ile A folisa mor’a monna oa ‘musisi ea ileng a fana ka bopaki ba matla a Hae. ‘Musisi le ba lelapa la hae ba ile ba paka ka thabo e makatsang ka tumelo ea bona. Eare ha ho tsebahala hore Moruti ka bo-Eena O har’a bona, motse kaofela oa sisinyeha. Ka Sabatha batho ba bokana tlung ea thapelo ka bongata boo matšoele a batho a bileng a khutlisetsoa morao.EN 165.3

    Bohle ba ileng ba utloa Mopholosi “ba hlolloa ke thuto ea hae, hobane mantsoe a hae a ne a e-na le matla.” Luka 4:32. “Hobane o ne a ruta joaloka ea nang le matla, e seng joaloka Litsebi tsa Molao tsa bona.” Matheu 7:29. Lithuto tsa bangoli le baholo li ne li bata hape li sa natefele bamameli. Ba ipolela hore ba ka qaqisa molao, empa ho ne ho se tšutšumetso e tsoang ho Molimo ea ho sisinya lipelo tsa bona esitana le lipelo tsa bao ba neng ba mametse.EN 166.1

    Mosebetsi oa Jesu e ne e le ho nehelana ka ‘nete. Mantsoe a Hae a ile a bonesa lithuto tsa baporofeta. Haesale bamameli ba Hae ba ne ba qala ho fumana lithuto tse tebileng joalo, tse nang le moelelo lentsoeng la Molimo.EN 166.2

    Jesu O ne A fana ka ‘nete ka tsela e tobileng, e bonolo. Puo ea Hae e ne e hloekile, e khethehile, e bile e hlakile joaloka metsi a phallang. Lentsoe la Hae e ne e ka pina ho bao ba kileng ba mamela mantsoe a bo-rabbi, a tenang.EN 166.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents