Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    Boitelo Boa Putsoa

    Pele Jesu A ba laela hore ba siee liketsoana tsa bona tsa ho tšoasa litlhapi, O ne A ile A ba fa tiisetso ea hore Molimo O tla tlatsa bohloki ba bona. Petrose o ile a putsoa haholo, hoba seketsoana sa hae se sebelisoe. “Ea ruisang bohle ba mo rapelang,” O itse, “fanang, ‘me le tla fuoa: mekotlaneng ea lona le tla tšèlloa haholo, e hlohloe, e hlōkōhloe, e sasamale.” Baroma 10:12, Luka 6:38. Morena O ile A putsa mosebetsi oa Petrose ka mokhoa oona ona. Boitelo bo bong le bo bong bo etsetsoang tšebeto ea Hae bo tla buseletsoa. Bona Baefese 3:20; 2:7.EN 162.1

    Bosiung boo, bosiu ba mahlomola, barutuoa ba ne ba arohane le Kreste, kahoo ba ile ba hatelloa ke ho hloka tumelo. Empa boteng ba Hae bo ile ba tsosolosa tumelo ea bona, ‘me ba tlisa thabo le katleho. Ho joalo ho rōna. Ha re khaohane le Kreste mosebetsi oa rona o hloka litholoana, ebile re ka felloa ke tšepo habonolo, ra korotla. Empa ha re sebetsa tlas’a tsamaiso ea Hae, re thabisoa ke ho bona bopaki ba matla a Hae. O re tlatsa ka tumelo le tšepo. Eena eo lentsoe la Hae le phuthang lihlapi leoatleng, A ka susumetsa lipelo tsa batho ‘me A li hapa, e le hore basebetsi ba Hae e tie e be “batšoasi ba batho.”EN 162.2

    Kreste O ne A tseba haholo ho ntlafatsa banna ba ikokobelitseng le ba sa rutehang, e le hore ba tle ba lōkele mosebetsi oo A neng A ba khethetse oona. Mopholosi O ne A sa nyelise thuto. Thuteho ke lehlonolo ha e laoloa ke lerato la Molimo. Empa banna ba bohlale ba nakong eo ea Hae, ba ne ba itšepile bo bona hoo ba neng ba ke ke ba sebelisana ‘moho le Monna eo oa Nasaretha. Ba ne ba eisa ho rupelloa ke Kreste. Ntho ea pele e tlamehang ho ithutoa ke bohle ba batlang ho ba basebetsi le Molimo, ke ho hloka boitšepo. Joale ba tla be ba loketse ho amohela semelo sa Kreste. Hona ha ho fumanoe ka ho kena likolo tsa mahlale.EN 162.3

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents