Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 11—KOLOBETSO EA JESU

    [E itšetlehile ka khaolo ea Matheu 3:13-17; Mareka 1:9-11; Luka 3:21.]

    Molaetsa oa moporofeta oa lefeelleng, o ile oa fihlella mafumanehi a neng a phela metseng e maralleng, e thoko, le batšoasing ba litlhapi pel’a leoatle. Molaetsa ona o ile oa amoheloa ka tieo, ka lipelo tse tletseng cheseho, ke batho bana ba batho. Nazaretha, molaetsa ona o ile oa phetoa ka setorong sa ‘metli oa mapolanka, seo e neng e kile ea e-ba sa Josefa. E mong O ile A elelloa pitso ena, A elelloa hore nako ea Hae e se e fihlile. O ile A lumelisa ‘m’ae, A latela batho ba naha eo ba neng ba subuhlellana Jorodane.EN 66.1

    Jesu e ne e le motsoala oa Johanne Mokolobetsi, empa ba ne ba es’o ka ba kopana. Sena se ne se etsahetse ka morero oa Molimo. E ne e le hore ho se be ea ka ba qosang ka hore ba ile ba rera ‘moho, hore e mong a tšehetse litaba tsa e mong.EN 66.2

    Johanne o ne a tseba ka lietsahala tse ileng tsa tšoaea tlhaho ea Jesu, ka ketelo ea hae Jerusalema boshanyaneng ba hae, le ka bophelo ba hae bo hlokang sebe. O ne a lumela hore ke Mesia empa o ile a belaetsoa ke ho se itlhahise ha Jesu, le ho se fane ka bopaki bo khethehileng ba thomo ea hae. Leha ho le joalo, o ile a ema a lebella ka tumelo. O ne a ile a senoleloa hore Mesia O tla kolobetsoa ke eena, le hore letšoao la semelo sa hae sa bo-Molimo le tla bontšoa.EN 66.3

    Ha Jesu A fihla ho Johanne ho kolobetsoa, Johanne o ile a elelloa bohloeki ba semelo sa hae, bo neng bo e-s’o bonoe ho motho ofe kapa ofe. Boteng ba hae bo ne bo tlisa tšabo. Tsena li ne li lumellana le se neng se senoletsoe Johanne ka Mesia. Empa ho ne ho ka etsahala joang hore eena, moetsalibe, a kolobetse Ea senang sebe? Ke ka lebaka lang hore Eena ea neng A sa hloke pako, A kene tšebeletsong ea ho ipolela libe, le ho hlatsuoa ha melato?EN 66.4

    Jesu ha A kōpa kolobetso, Johanne o ile a itatota a re, “Eka khona ebe ‘na ea kolobetsoang ke uena, athe uena u tla ho ‘na?” Empa Jesu A mo araba A re, “‘Lesa, joale, hobane ka tsela ena re lokela ho phethahatsa hohle ho lōkileng.’ Johanne a lumela. Hang-hang hoba Jesu a kolobetsoe, a tsoa metsing, ‘me bonang, a buleloa leholimo, a bona Moea oa Molimo o theoha e ka leeba, o etla holim’a hae.”EN 67.1

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents