Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    A Tšoaroa Ka Tsela E Tsoanetseng Rona

    Kreste O ile A tšoaroa ka tsela e tsoanetseng rōna, e le hore re tie re tšoaroe ka tsela e tšoanelang Eena. O ile A tsuoa ka lebaka la libe tsa rōna, tseo A neng A sa ka A li etsa, e le hore re tle re beoe ba lokileng ka ho loka ha Hae, empa re ne re se na kabelo ho lokeng. A utloa bohlōkō ka lefu leo e neng e lokela ho ba la rōna, e le hore re tie re fumane bophelo boo e neng e le ba Hae. “Ra folisoa ke maqeba a hae.” Esaea 53:5.EN 15.3

    E ne e le mano a Satane ho arohanya Molimo le motho ka ho sa feleng; empa hoba Mopholosi A nke sebōpeho sa rōna, A itlamahanya le batho ka senyepa se ke keng sa khaoha. “Hobane Molimo o ratile lefatše hoo a le neileng Mora oa hae ea tsoetsoeng a ‘notsi.” Johanne 3:16. A fana ka Eena eseng feela ho tla re shoela e le sehlabelo sa rona; O fane ka Eena hore E be E mong oa lelapa la botho, ka ho sa feleng, A nkile tlhaho ea botho ka ho sa feleng.EN 15.4

    “Rōna re tsoaletsoe Ngoana, rona re filoe Mora, puso e tla ba mahetleng a hae.” Molimo O ile A nka tlhaho ea botho ka Mor’a Hae; ‘me A nkela tlhaho eo maholimong a holimo-limo. “Mor’a Motho” O tla bitsoa, “Ralimakatso le Moeletsi, Molimo ea matla, Rabosafeleng, Khosana ea Khotso.” Esaea 9:6. Eena “ea halalelang, ea se nang bobe leha e le sekoli, ea sa amaneng le baetsalibe,” ha A na lihlong ho re bitsa baena. Baheberu 7:26; 2:11. Leholimo ke lena le khurumelitsoe ka botho, ‘me botho bo sikiloe sefubeng sa Molimo O lerato!EN 16.1

    Ho phahamisoa ha ba lopolotsoeng e tla ba bopaki bo sa feleng ba mohau oa Molimo. “Mehleng e tlang” O tla “bonahatsa mohau oa hae o moholo ka ho fetisisa, ka mosa oo a re etselitseng oona ho Kreste Jesu” le hore, “bohlale ba Molimo ka mefuta eohle” bo tla tsebahala ho “meea e busang, le e laolang sephiri.” Baefese 2:7; 3:10.EN 16.2

    Ka mosebetsi oa Kreste ‘muso oa Molimo o lutse o sireletsehile ka tōka. Ea-matla-ohle O tsebahatsoa e le Molimo oa lerato. Liqoso tsa Satane li shanofalitsoe le semelo sa hae se pepesitsoe. Sebe se ke ke sa hlōla se kena maholimong le lefatšeng. Ka mengoaha ea bo sa feleng bohle re tla be re tširelelitsoe bokoenehing. Ka lerato la boitelo leholimo le lefatše li tlamahantsoe le ‘Mopi ka ketane e ke keng ea khaoha le khale!EN 16.3

    Moo sebe se neng se atile, mohau oa Molimo o atile ka ho fetisisa. Lefatše leo Satane a neng a le phatlalalitse e le la hae, le tla beoa kaholimo-limo ho tsohle tse hioliloeng. Ke hona mona moo Morena oa khanya A ileng A phela, A ba A utloisoa bohlōkō, A ba A shoella teng; hona mona ke moo leaho la Molimo le tla aha har’a batho “‘me Molimo ka sebele a be le bona, e le Molimo oa bona.” Tsenolo 21:3. Ho isa mehleng e sa baloeng ba pholositsoeng ba tla rorisa Molimo ka mphohali ena e kholohali eleng -Emmanuele, “Molimo o na le rona.”EN 16.4

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents