Loading...
Larger font
Smaller font
Copy
Print
Contents
Eo Bohle Esaleng Ba Mo Nyoreloa - Contents
  • Results
  • Related
  • Featured
No results found for: "".
  • Weighted Relevancy
  • Content Sequence
  • Relevancy
  • Earliest First
  • Latest First
    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents

    KHAOLO EA 14—RE FUMANE MESIA

    [E itšetlehile ka Johanne 1:19-51.]

    Johanne Mokolobetsi o ne a ruta Bethabara ka mose ho nōka ea Jorodane ‘me batho ba ne ba khobokana mabōpong a eona, ka letsatsi le letsatsi. Thuto ea Johanne e ne e sisintse maikutlo a sechaba. O ne a sa ka a ipeha tlas’a matla a bafarisi le bangoli, ho kōpa tumello ho bona, empa batho ba ne ba ntse ba eketsa ho bontša thahasello thutong tsa hae.EN 82.1

    Lekhotla la puso la Bajuda le ne le entsoe ka baprista, babusi, le baruti. Nakong eo sechaba sa Bajuda se neng se sa ntse se ipusa, lekhotla lena ke lona le neng le le ka sehloohong sechabeng. Le hoja ha ha joale, le ne le se le le tlas’a taolo ea ‘musisi oa Roma; empa le ne le ntse le na le taolo e kholo litabeng tsa puso le tsa bolumeli. Lekhotlana lena ha lea ka la lieha ho etsa lipatlisiso ka mosebetsi oa Johanne. Ba bang ba ile ba hopola tšenolelo e ileng ea etsetsoa Sakariea tempeleng, e neng e bontša hore mor’a hae o tla etella Mesia pele. Batho ba ile ba hopola litaba tsena ka ho chesehisoa ke ha ba bona mosebetsi oa Johanne.EN 82.2

    E ne e se e le nako e telele Baiseraele ba qetetse ho ba le moporofeta. Ntho ea hore batho ba ipolele libe, e ne e le ncha, ‘me e makatsa. Baetapele ba bangata ba ne ba sa thabele ho ea moo Johanne a rutang, hobane ba ne ba tla tloha ba bolela makunutu a maphelo a bona. Empa thuto ea hae e ne e tsebisa ka Mesia ka ho otloloha.EN 82.3

    E ne e le ntho e tsebahalang hore liveke tse mashome a supileng tsa boporofeta ba Daniele, bo akaretsang ho tla ha Mesia, li ne li se li tla fela; ‘me bohle ba ne ba laba-labela ho nka karolo khanyeng ea sechaba e neng e lebeletsoe. Sechaba se ne se lebelletse hore lekhotla le tla ananela kapa le hanyetse mosebetsi oa Johanne. Lekhotla lena, le ne le se le na le bothata ba hore na le ka etsa joang hore le tsoele pele ho okamela sechaba. Le ile ba rōmela baprista ba bang, ‘moho le balevi Jorodane, ho buisana le moruti enoa e mocha, ka tšepo ea hore ba tla mo tseba hore na ke mang.EN 82.4

    Ha barōmuoa bana ba fihla, ba ile ba fihlela a bokanetsoe ke matšoele a neng a mo mametse. Borabbi bana ba baikhohomosi ba fihla ka moea oa boiphahamiso le ho batla ho itlhaisa ba phahame ho feta moporofeta enoa. Sechaba sa ba suthela ka hlompho le tšabo ho re ba fete. Banna bana ba apereng liphahlo tse theko e boima, ba tummeng ka matla, ba ile ba ema ka pele ho moporofeta oa lefeelleng.EN 83.1

    Ba re, “U mang?”EN 83.2

    Ka ho tseba seo ba se nahanneng, Johanne a araba a re, “Na ha ke Kreste.”EN 83.3

    “Ha ho le joalo u mang? Na u Elia?”
    A re, “Ha ke eena.”
    “Na u Moporofeta?”
    “Che”
    EN 83.4

    “U mang he? Re tšoanetse ho ea nea ba re rōmileng karabo. U re’ng ha u ipolela?”EN 83.5

    ’”Na ke lentsoe la ea hōoang feelleng, le reng: Otlollang ‘mila oa Morena!’ joalokaha moporofeta Esaea a ne a bolele.”EN 83.6

    Mehleng ea khale, ha morena a ne a hloela batho ‘musong oa hae, banna ba ne ba romeloa pele ho eena, ho batalatsa tsela le ho kata likoti, e le hore a tsamaee hantle, a se ke a hlaheloa ke kotsi. Moporofeta Esaea o sebelisa moetlo ona, ho hlakisa mosebetsi oa lentsoe. “Likhohlo tsohle li tla katoa, lithaba le maralla li bothalatsoe.” Esaea 40:4. Ha Moea oa Molimo O kena ka pelong, O tlosa boikhōhōmōso. Menate ea lefatše, maemo le matla li bonahale li se na thuso. Joale ebe ho kena boikokobetso, boitelo le lerato, ebe tsona tse phahamisoang. Ona ke mosebetsi oa Lentsoe, ‘me e ne e le ‘ona molaetsa oa Johanne.EN 83.7

    Baruti ba ile ba tsoela pele ho botsa ba re, “Ha u se Kreste, u se Elia, u se Moporofeta, ke’ng ha u kolobetsa?” Mantsoe ana, “Moporofeta eo” a ne a bolela Moshe. Ha Mokolobetsi a qala mosebetsi oa hae, ba bangata ba ne ba hopola hore ke Moshe, o tsohile bafung.EN 84.1

    Ho ne ho lumeloa hape hore pele ho ho tla ha Mesia Elia o tla tla. Johanne o ile a latola litaba tsena, empa hamorao Jesu O ile A re, ha A bua ka Johanne, “‘me ha le ka kholoa taba eo, Johanne ke eena Elia ea neng a tsoanetse ho tla.” Matheu 11:14. Johanne o ile a tla ka moea le matla a Elia, ho etsa mosebetsi o ileng oa etsoa ka Elia. Empa Bajuda ha ba ka ba amohela molaetsa oa hae. Ba ne ba sa mo nka e le Elia.EN 84.2

    Larger font
    Smaller font
    Copy
    Print
    Contents